SEFELA SA DIFELA 1 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

1Sefela sa Difela sa Solomone.

Morwetsana:

2Ako nkake ka molomo wa hao,

hoba rato la hao

le monate ho feta veine.

3Menkwane ya ditlolo tsa hao

e nkga hamonate,

bitso la hao le ka setlolo

ha se qhatsitswe,

hase feela barwetsana ba o dumang!

4Nkuke ke ye le wena,

re mathe mmoho,

kgosi e nkise kamoreng ya yona.

Metswalle:

Re tla didietsa, re o nyakallele,

re rorise rato la hao ho feta veine.

Morwetsana:

Ba nepile hakaakang

ha ba o duma hakaale!

5Leha ke le motshwana,

nna ke botlenyana,

lona baradi ba Jerusalema;

ke motshwana sa tente tsa Kedare,

ke ka masira a tente ya Solomone.

6Se mmakalleng

hobane ke le motshwana;

ke motshwana tjena

hobane tsatsi le ntjhesitse.

Kgaitsedi tsa ka

di ne di ntlhoile,

tsa ntaela

ho ya tshosa masimong a morara,

nako ya ho itlhokomela

yaba ke a e hloka.

7Ako mpolelle,

wena moratuwa wa ka,

moo kgulo la mohlape wa hao

le leng teng,

moo o bothisang mohlape

wa hao teng,

ha le le hloohong tsa mengala,

esere ka fumanwa

ke ntse ke lelera,

ke o batla hara mehlape

ya thaka tsa hao.

Mohlankana:

8Haeba o sa tsebe,

wena Seilatsatsi hara basadi,

latela mohlala wa mohlape,

potsanyane tsa hao o di fudise,

o di fudise pela ditente tsa badisa.

9Wena moratuwa,

o ka pitse ya sethole,

e hulang kariki ya Faro ya ntwa.

10Marama a hao a a rateha

ka masale a lepeletseng,

molala wa hao

o tshwanelwa ke faha tsa mabenyane.

11Re tla o etsetsa masale a kgauta,

re a kgabise

ka naletsana tsa silefera.

Morwetsana:

12Ha kgosi e ne e dutse dijong,

menkwane ya ka ya nkga hamonate.

13Ho nna moratuwa

o ka mokotlana o tshetseng mmira,

o bang fubeng sa ka

ka nako tsohle.

14Ho nna moratuwa

o tshwana le thunthung tsa mmasa,

tse tswang masimong a morara,

masimo a Ene-Gedi.

Mohlankana:

15O motle hakaakang,

wena moratuwa wa ka!

O motle hakaakang!

Mahlo a hao

a mapudutswana sa maeba!

Morwetsana:

16O motle hakaakang,

wena moratuwa!

E, ruri o motle, o a rateha!

Moalo wa rona

o ka jwang bo botalana!

Mohlankana:

17Dibalaka tsa ntlo ya rona

ke tsa kedare,

maballo a yona

ke a difate tsa modutu.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help