JONASE 2 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thapelo ya Jonase

1Jonase, ha a le ka mpeng ya leruarua, a rapela Morena Modimo wa hae,

2a re:

“Mahlomoleng a ka

ka ipiletsa ho Morena,

ka ipiletsa ho yena, mme a nkaraba.

Ka kopa thuso

ke le botebong ba Nqalo ya Bafu,

mme wa utlwa lentswe la ka.

3O ile wa nkakgela kweetseng,

wa nkakgela bodibeng ba lewatle;

wa nkakgela, mme metsi a mpupetsa,

maqhubu a tsudubutlana hodima ka.

4Ka re: ‘O ntahletse hole le wena,

empa ke tla boela ke bone,

ke bone Tempele ya hao,

Tempele e halalelang.’

5Ke fihlile kweetseng,

metsi a nkgamme,

lewatle le mpotapotile kahohle,

bolele bo rareditse hlooho ya ka.

6Ke ne ke tebile,

ke le tlase ho dithaba,

mekwallo ya Nqalo ya Bafu

e nkwalletse ruri;

empa wena Morena Modimo wa ka,

o mpholositse Nqalong eo ya Bafu.

7“Ha ke ne ke le makgatheng,

makgatheng a ho shwa,

ke ile ka o hopola, wena Morena,

thapelo ya ka ya finyella ho wena,

ka Tempeleng ya hao e halalelang.

8“Ba kgumamelang

medingwana ya bohata,

ba furalla sediba sa bona sa mohau.

9Ha e le nna

ke tla o nyehella ka sehlabelo,

ke ntse ke o binela ka teboho,

ke phetha le tsona dikano tsa ka.

Pholoho e tswa ho Morena!”

10Yaba Morena o laela leruarua hore le hlatsetse Jonase lebopong la lewatle.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help