SAKARIYA 5 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Pono ya botshelela: Buka e fofang sebakeng

1Ka tadima hape, mme ka bona buka e fofang sebakeng!

2Lengeloi la mpotsa, la re: “O bona eng?”

Ka le araba, ka re: “Ke bona buka e fofang sebakeng: Bolelele ba yona ke dimethara tse robong, bophara ba yona ke dimethara tse nne le halofo.”

3Yaba le re ho nna: “Bukeng ena ho ngotswe thohako e tla aparela naha kaofela. Ka lehlakoreng le leng thohako ena e bolela hore leshodu le leng le le leng le tla timetswa, ka ho le leng e bolela hore mang le mang ya hlapanyang ka leshano le yena o tla timetswa.

4Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Thohako ena ke tla e romella. E tla kena ka tlung ya leshodu, e kene le ka tlung ya ya hlapanyang ka leshano ka lebitso la ka. E tla kena ka tlung ya hae, e funtsolle marulelo a yona, e heletse le marako a yona.’ ”

Pono ya bosupa: Mosadi ya ka morifing

5Yaba lengeloi le neng le bua le nna le a atamela, le re: “Tadima hodimo, o bone sena se tlang.”

6Ka le botsa, ka re: “Ke eng?”

La nkaraba, la re: “Ke morifi.” La boela la re: “O tshwantsha bokgopo ba batho ba naha yohle.”

7Yaba ke bona sekwahelo sa loto, sa morifi oo, se kwahollwa, mme kahara morifi oo ho dutse mosadi.

8Lengeloi la re: “Enwa o tshwantsha Bokgopo!”

Yaba le mo katella kahara morifi, la ba la o kwahela ka sekwahelo sa loto.

9Ha ke tadima hodimo ka bona basadi ba babedi ba etla ba fofa, mapheo a bona a kang a mokotatsle a kgile moya. Basadi bana ba phahamisetsa morifi ona hodimo.

10Ka botsa lengeloi le neng le bua le nna, ka re: “Basadi baa ba isa morifi oo hokae?”

11La nkaraba, la re: “Ba o isa naheng ya Babilona, moo ba ilo o hahela ntlo teng. Ha ntlo eo e se e hahilwe, ba tla bea morifi ono ditulong tsa wona.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help