DIPESALEMA 91 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Ho phela tshireletsong ya Modimo

1Ya phelang tshireletsong

ya Ya Hodimodimo,

ya ahileng moriting

wa Ya Matla wohle,

2o re ho Morena:

“O setshabelo sa ka

le qhobosheane ya ka,

Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”

3Ke yena ya tla o tshwasolla

lerabeng la setsomi,

le lefung le timetsang la sewa.

4O tla o kwahela ka masiba a hae,

o tshabele tlasa mapheo a hae.

Botshepehi ba hae

ke thebe le thejana:

5O ke ke wa tshaba ditshosa tsa

bosiu,

kapa metsu e bebang motsheare,

6leha e le lefu la sewa

le kgukgunang lefifing,

leha e le koduwa e timetsang

hara mpa ya motsheare.

7Batho ba sekete ba ka wa,

ba wa lehlakoreng la hao,

le ba kete tse leshome

ka letsohong la hao le letona;

empa wena

o ke ke wa hlahelwa ke letho.

8O tla bona ka mahlo a hao

ha ba kgopo ba putswa.

9Kahobane o entse Morena

setshabelo sa hao,

mme Ya Hodimodimo

o mo entse qhobosheane ya hao,

10ha ho bobe bo ka o welang hodimo,

ha ho kotlo e ka atamelang

motlotlwane wa hao.

11O tla laela mangeloi a hae,

a o lebele ditseleng tsohle tsa hao.

12A tla o kgakeletsa ka diatla tsa wona,

esere leoto la hao

la kgoptjwa ke lejwe.

13O tla hata tau le marabe,

o hatakele tawana le noha.

14“Kaha o a nthata, ke tla mo lopolla,”

ho rialo Morena,

“ke mo sireletse,

hobane o tseba lebitso la ka.

15Ha a ipiletsa ho nna ke tla mo araba;

matshwenyehong ke be le yena,

ke mo lopolle, ke mo tlotlise.

16Ke tla mo sitsa ka ditshiu tse telele,

ke mmontshe ho pholosa ha ka.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help