BAAHLODI 12 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Jafeta le ba morabe wa Efraime

1Banna ba Efraime ba kopana hammoho, ba tshelela Safone, ba re ho Jafeta: “Ke hobaneng o ileng wa futuhela Baamone, mme wa se ke wa re mema ho ya le wena? Re tla o tjheseletsa ka tlung ya hao.”

2Jafeta a re ho bona: “Nna le setjhaba sa ka, re ile ra ba le qabang e kgolo le Baamone. Ke ile ka le mema, empa ha le a ka la nnamolela matsohong a bona.

3E ile yare ha ke bona hore ha le mphallele, yaba ke a itela, ke tshelela ho Baamone, mme Morena a neelana ka bona matsohong a ka. Jwale ke hobaneng ha le mphutuhela kajeno?”

4Jafeta a kgobokanya banna bohle ba Gileade, a lwantsha ba morabe wa Efraime. Banna ba Gileade ba hlola ba morabe wa Efraime, hobane bano ba ne ba re: “Lona, Bagileade, le babalehi ba tswang morabeng wa Efraime, le morabeng wa Manase.”

5Bagileade ba hapa madiboho a Jorodane ho thibela ba morabe wa Efraime, mme e ne e ye ere ha e mong wa ba morabe wa Efraime, ba phonyohileng, a re: “Ntumelleng ke tshele,” ebe banna ba Gileade ba re ho yena: “Na o wa morabe wa Efraime?” Ha a re: “Tjhe,”

6ebe ba re ho yena: “Ere Shibolethe;” ebe o re “Sibolethe,” hobane a ne a sitwa ho le bitsa hantle. Jwale ebe ba a mo tshwara, mme ba mmolaele ledibohong la Jorodane. Ka yona nako eo ha bolawa ba morabe wa Efraime ba dikete tse mashome a mane a metso e mmedi.

7Jafeta ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse tsheletseng. Yaba Jafeta wa Mogileade o a shwa, mme a epelwa ho o mong wa metse ya Gileade.

Ibesane

8Kamora Jafeta, Ibesane wa Betlelehema ya eba moahlodi wa Baiseraele.

9Ibesane o ne a ena le bara ba mashome a mararo le baradi ba mashome a mararo. Baradi ba hae ba mashome a mararo ba nyalwa ke ba morabe osele, le yena a nyadisa bara ba hae barwetsana ba mashome a mararo ba morabe osele. Ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse supileng.

10Ibesane a shwa, mme a epelwa Betlelehema.

Elone

11Kamora Ibesane moahlodi ya eba Elone, wa morabe wa Sebulone; a ahlolela Baiseraele ka dilemo tse leshome.

12Yaba Elone wa morabe wa Sebulone o a shwa, mme a epelwa Aiyalone e naheng ya Sebulone.

Abadone

13Kamora Elone, Abadone, mora wa Hilele, wa Mopiratone, ya eba yena moahlodi wa Baiseraele.

14O ne a ena le bara ba mashome a mane, le ditloholo tse mashome a mararo, mme ba ne ba palama dipetsana tsa ditonki tse mashome a supileng. Abadone ya eba moahlodi wa Baiseraele ka dilemo tse robedi.

15Yaba Abadone, mora wa Hilele wa Mopiratone, o a shwa. A epelwa Piratone e naheng e maralla ya Efraime, naheng ya Baamaleke.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help