DIPESALEMA 17 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thapelo ya ya hloriswang

1Thapelo ya Davida.

Morena, ako utlwe thapedi ya ka,

o mamele sello sa ka;

o sekehele thapelo ya ka tsebe,

hobane e tswa molomong

o se nang mano.

2A nke ke ahlolwe ke wena,

mahlo a hao a bone seo e leng toka.

3O hlahlobile pelo ya ka,

wa ntlhwela le bosiu,

wa nnonya,

empa ha wa fumana letho le kgopo;

ha ke a bua tse mpe jwaloka ba bang.

4Ho ya ka mantswe

a tswang molomong wa hao,

ke qobile mekgwa ya dinokwane.

5Mehato ya ka

e latetse mehlala ya hao,

maoto a ka

ha a a ka a kgothometseha.

6Nna ke ipiletsa ho wena Modimo,

hobane o tla nkaraba;

ntshekehele tsebe,

o mamele lentswe la ka.

7Ako bonahatse mohau wa hao,

mohau o hlollang.

Ba balehelang ka tsohong la hao

le letona,

ke wena ya ba pholosang

ho ba ba tsohelang matla.

8O mpaballe

jwaloka thaka ya leihlo la hao;

o mpate moriting wa mapheo a hao,

9hole le ba kgopo ba ntlhekefetsang,

hole le dira tse ntikanetseng.

10Pelo tsa bona ha di na mohau,

melomo ya bona e tletse boikakaso.

11Ba tla ba ntobile,

jwale ba nketsetsa sakana-la-nkope,

ba ntswepetse mahlo

ho nkgatakella fatshe.

12Ba jwaloka tau

e labalabelang ho harola,

le jwaloka tawana

e bothileng selaong.

13Thusa, Morena!

Ba futuhele, o ba dihe;

ka sabole ya hao

pholosa bophelo ba ka ho ba kgopo;

14ka letsoho la hao mpholose Morena,

mpholose ho batho bana ba lefatshe,

bao moputso wa bona

o leng bophelong bona.

Ba kgorise sa mpanaphatloha,

ba kgorise

ka tseo o ba boloketseng tsona;

le bana ba bona

ba tla di kgotsofalla,

ba tle ba di siele

le ditloholo tsa bona.

15Empa nna, ha ke se ke ahloletswe,

ke tla bona fahleho sa hao;

ha ke tsoha

ke tla kgotsofalla boteng ba hao.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help