ESAYA 53 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

1Ke mang ya dumelang

seo re se bolelang?

Tsoho la Morena

le bonahaditswe ho mang?

2Mohlanka wa Morena

o metse pela hae jwaloka lehlomela,

jwaloka motso o melang

mobung o omeletseng.

O na hloka sebopeho

kapa bokgabane ba ho re hohela,

ha re mo tadima

bopeho sa hae se sa re kgahle.

3O ile a nyediswa,

a furallwa ke batho,

ya eba motho wa mahlomola,

ya tsebang mahloko.

A tshwana le eo batho

ba tshabang le ho mo tadima;

o ile a nyediswa,

ra se ke ra mo natsa.

4Ruri o ipelesitse mahloko a rona,

malwetse a rona

le wona a inkela wona,

empa rona ra hopola

e le ya otlwang, ya shapuwang,

le ho hlokofatswa ke Modimo.

5O ila hlajwa

ka baka la ditshito tsa rona,

a tetetswa

ka baka la dibe tsa rona,

kotlo e re tlisetsang kgotso

ya mo wela hodimo,

ra fodiswa ke maqeba a hae.

6Rona bohle

re tshwana le dinku tsa malahleha,

motho ka mong

o iketse ka tselana ya hae,

Morena o mmelesitse makgopo

a rona bohle.

7O ila tlatlapuwa,

a ikokobetsa ha a hlokofatswa,

empa ha ho letho

leo a ila le bua;

a qhojwa sa konyana

ha e iswa tlhabong,

mme jwalokaha nku e sa lle

ha e kutwa,

le yena ha ho letho

leo a ila le bua.

8A kgannwa ka dikgoka,

a ahlolwa ntle ho toka,

ba leloko la hae

ba se ke ba mo natsa.

A tloswa hara ba phelang

ba fatshe lena,

a bolawa ka baka la makgopo

a tjhaba sa ka.

9O na hopoletswe

ho epelwa mabitleng a ba kgopo,

le hoja

a ne a eso ka a etsa phoso,

le leshano le eso tswe

molomong wa hae;

empa ha a sa shwele

a epelwa bitleng la morui.

10Ho ratile Morena

hore a tetetswe, a hlokofatswe,

bophelo ba hae e be nyehelo

e tlosang sebe;

kahoo o tla bona ditloholo tsa hae,

matsatsi a bophelo ba hae a lelefale,

thato ya Morena

e atlehiswe ke letsoho la hae.

11Ha moya wa hae

o so hlokofaditswe,

o tla bona tholwana

tsa ho hlokofatswa ha hae.

Mohlanka wa ka ya lokileng

o tla lokafatsa,

a lokafatse ba bangata

ka tsebo ya hae,

a be a jare le makgopo a bona.

12Kahoo o tla ba le seabo

hara ba baholo,

kgapo yona

a e arolelane le dinatla,

hobane bophelo ba hae

o ila bo tella lefu,

a ba a balellwa le baetsadibe.

O ila itjarisa dibe

dibe tsa ba bangata,

mme baetsadibe a ba rapella.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help