JOBO 8 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Biledade o re Jobo o loketswe ke kotlo

1Jwale Biledade ya tswang Shua a araba, a re:

2“O tla bua ntho tsee

ho fihlela neng?

Polelo tsa hao

di ka moya wa sefefo!

3Na Modimo

a ka sokamisa kahlolo,

Ya Matla wohle

a sokamisa ho loka?

4Haeba bara ba hao ba mo sitetswe,

o ba otlile

ho ya ka ho sitwa ha bona.

5Haeba o ka fela wa batla Modimo,

wa ithapella ho Ya Matla wohle;

6haeba o hlwekile, mme o lokile,

ruri le yena o tla o hlokomela,

lapa la hao a le tsose

e le sesupo sa ho loka ha hao.

7Maruo a pele e ne le dinyane,

a morao wona e tla ba boiyane.”

Ya furallang Modimo o tla timela

8“Ako fuputse ho meloko ya pele,

o batlisise ditsebo tsa bo-ntata yona.

9Rona ba maobane re hloka tsebo;

matsatsi a rona ho lena lefatshe

a ka moriti ha o falola.

10Ba tla o jwetsa, ba o rupele,

ba o kgokgothele bohlale ba bona.

11“Na lodi le ka mela

ho se na mokgwabo,

lehlaka la ata

ho se na mohlaka?

12Ha le sa helwe le sa le letalana,

le pona pele jwang bo omella.

13Tsela tsa bohle

ba lebalang Modimo di jwalo,

letshepa la ya kgopo

le fela jwalo;

14tshepo ya hae e a thekesela,

letshepa la hae

le ka bolepo ba sekgo;

15o itshetleha ka bona,

bo hana ho tsitsa,

o itshwarella ka bona,

ha bo tshwarehe.

16O ka fate se tlokomang

ha tsatsi le tjhabile,

seo makala a sona

a thathallang le tshimo yohle.

17Metso ya sona

e rarahana hara qubu ya majwe,

e itshwarella hodima matlapa.

18Ha se fotholwa bakeng seo,

baka seo se tla latola, se re:

‘Nna ha ke o tsebe!’

19Bophelo ba sona bo fela jwalo,

mela tse ding

di mela hape mobung oo.

20“Modimo a ke ke a lahla

ya se nang molato,

kapa a thusa ba etsang bokgopo;

21o tla boela a etsa hore o tshehe,

molomo wa hao o howe ka thabo.

22Ba o hloileng

ba tla apeswa dihlong,

malapa a ba kgopo

a nyamelle ruri.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help