ESAYA 12 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Sefela sa teboho

1Mohla tsatsi leo, o tla re:

“Oho, Morena, ke tla o boka,

le hoja o ne o nkgalefetse;

kgalefo ya hao e kgaoditse,

wena o fela o ntshedisitse.

2Modimo ke mopholosi wa ka,

ke tla mo tshepa,

mme ke se ke ka tshaba;

Morena ke matla a ka,

ke pina ya ka,

Morena o fetohile

mopholosi wa ka.”

3Le tla ikgella metsi le thabile,

le a kge didibeng tsa pholoho.

4Mohla tsatsi leo, le tla re:

“Lebohang Morena, le mo rapele,

phatlalatsang mesebetsi ya hae

hara ditjhaba,

le bolele hore bitso la hae le leholo.

5Binelang Morena,

hobane o entse tse tlotlehang,

tsena le di tsebise lefatshe lohle.

6Howeletsang haholo,

le didietse ka thabo,

le bine lona baahi ba Sione.

Ya Halalelang wa Iseraele

o moholo hara lona.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help