2 SAMUELE 5 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Davida e ba kgosi(1 Dik. 11:1-9; 4:1-7)

1Merabe yohle ya Baiseraele ya ya ho Davida a le Heborone, ya bua, ya re: “Bona, re bana beno.

2Mehleng ya ha Saule e ne e le kgosi ya rona, e ne e le wena ya etellang Baiseraele pele ha ba futuha. Morena a na a re ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Baiseraele, mme o tla ba kgosi ya Iseraele.’ ”

3Yaba baetapele bohle ba Iseraele ba ya ho kgosi e le Heborone. Kgosi Davida a etsa selekane le bona Heborone, kapele ho Morena, mme ba mo tlotsa hore e be kgosi ya Iseraele.

4Davida ha a qala ho busa o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo, mme a busa ka dilemo tse mashome a mane.

5A busa morabe wa Juda ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng a ntse a le Heborone, mme a busa Iseraele yohle le Juda yohle ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro a le Jerusalema.

Davida o hapa Sione(1 Dik. 11:4-9)

6Kgosi le banna ba yona ba ya Jerusalema, ba futuhela Bajebuse bao e neng e le baahi ba naha eo. Bajebuse ba re ho Davida: “O ke ke wa kena mona; difofu le diritsa di tla o thiba.” Ka ho rialo ba ne ba re: “Davida a ke ke a kena mona.”

7Leha ho le jwalo, Davida a hapa qhobosheane ya Sione, e leng yona motse wa Davida.

8Ka lona letsatsi leo Davida a re: “Mang kapa mang ya ratang ho bolaya Mojebuse, eka kgona a nyolohe ka mosele wa metsi, a bolaye dihlotsa tseno le difofu tseno, e leng tsona dira tse kgolo tsa Davida.” Ke ka hona ba reng: “Difofu le dihlotsa di ke ke tsa kena motseng.”

9Davida a aha qhobosheaneng eo, mme a e bitsa motse wa Davida. Yaba Davida o haha motse o potapotileng qhobosheane eo, ho tloha Milo ho ya qhobosheaneng.

10Davida a nna a tswela pele ho matlafala, mme Morena Modimo wa mabotho, a ba le yena.

11Hirame, kgosi ya Tire, a roma maqosa ho Davida. A romela difate tsa dikedare, le dibetli, le dihahi, mme tsa hahela Davida ntlo.

12Jwale Davida a bona hore efela Morena o mo hlomamisitse hore e be kgosi ya Iseraele, le hore o hodisitse mmuso wa hae ka baka la setjhaba sa hae sa Baiseraele.

Ho hola ha lelapa la Davida

13Hoba Davida a tlohe Heborone, a fihle Jerusalema, a boela a nka basadi ba mafielo, a nyala le basadi, mme a boela a tswallwa bara le baradi.

14Ana ke mabitso a bao a ileng a ba tswallwa ha a le Jerusalema: Shamua, le Shobabe, le Nathane, le Solomone,

15le Jibehare, le Eleshua, le Nefege, le Jafia,

16le Eleshama, le Eleada, le Elefelede.

Bafilesita ba a ripitlwa(1 Dik. 14:8-17)

17Ha Bafilesita ba utlwa hore Davida o tlotsitswe hore e be kgosi ya Iseraele, ba futuha bohle, ba ya tsoma Davida. Ha Davida a utlwa hona, a theohela qhobosheaneng.

18Bafilesita ba fihla, ba hwaramana ka kgohlong ya Refaime.

19Davida a botsa Morena, a re: “Na nka futuhela Bafilesita? Na o tla neelana ka bona matsohong a ka?”

Morena a re ho Davida: “Futuha, hobane ke tla fela ke neelane ka Bafilesita matsohong a hao.”

20Yaba Davida o ya Baale-Perasime, o bolaela Bafilesita hona teng, mme a re: “Morena o ripitlile dira tsa ka jwalokaha eka di hoholwa ke metsi.” Ka lebaka leo a rea sebaka seo Baale-Perasime.

21Ha Bafilesita ba baleha ba siya medimo ya bona hona moo, Davida le banna ba hae ba e nka.

22Bafilesita ba boela ba nyoloha, ba fihla ba hwaramana ka kgohlong ya Refaime.

23Davida a boela a botsa Morena, mme Morena a re: “O se ke wa ba futuhela o ba tobile; o ba pote kamorao, o ba futuhele o se o hlaha pela difate tsa monokotshwai.

24Etlare ha o utlwa leswahlaswahla hodima difate tsa monokotshwai, ebe o a futuha, hobane Morena o tla be a o eteletse pele ho ya bolaya lebotho la Bafilesita.”

25Davida a etsa jwalokaha Morena a mo laetse, a bolaya Bafilesita ho tloha Geba ho ya fihla Gesere.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help