DIPESALEMA 130 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thapelo e kopang kgauhelo

1Sefela sa ho nyolohela Jerusalema.

Ke ipiletsa ho wena Morena,

ke le tlasetlase.

2Morena, ako utlwe lentswe la ka!

Tsebe tsa hao di ke di mamele

ha ke etsa thapedi ya ka.

3Morena, ha o tshwaya diphoso,

o tshwaya phoso tsa rona,

ke mang, Morena, ya ka phelang?

4Empa wena o a re tshwarela,

e le hore re tle re o hlomphe.

5Ke tshepile Morena,

moya wa ka

o tshepile lentswe la hae.

6Moya wa ka o lebeletse Morena,

ho feta balebedi

ba lebeletseng meso,

e, ho feta balebedi

ba lebeletseng meso.

7Iseraele a ke a lebelle Morena,

hobane Morena o mohau,

o na le topollo e kgolo.

8Ke yena ya tla lopolla Iseraele

bokgopong bohle ba hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help