MATHEU 25 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Setshwantsho sa barwetsana ba leshome

1“Mohlang oo Mmuso wa mahodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome, ba ileng ba nka mabone a bona, yaba ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi.

2Ba bahlano ba bona e ne e le dithoto, ba bahlano e le ba bohlale.

3Dithoto tsa nka mabone a tsona, empa tsa se ka tsa nka ole;

4athe ba bohlale ba ile ba nka ole ka dipitsana le mabone a bona.

5Ka baka la ho dieha ha monyadi, bohle ba thibasela, ba robala.

6“Jwale hara mpa bosiu ha hlajwa mokgosi o reng: ‘Monyadi ke eo! Tswang, le mo kgahlanyetse!’

7“Yaba moo barwetsana bao bohle ba tsohang, ba lokisa mabone a bona.

8Dithoto tsa re ho ba bohlale: ‘Re qhatsetseng ole ya lona, kahobane mabone a rona a a tima.’

9“Ba bohlale ba araba, ba re: ‘Tjhe, e ke ke ya lekana rona le lona; le ka mpa la ya ho barekisi, la ithekela.’

10“Yare ba sa ilo ithekela, monyadi a fihla; ba itokisitseng ba kena le yena moketeng, mme ha kwalwa monyako.

11“Kamorao ha fihla barwetsana ba neng ba setse, ba re: ‘Monghadi, Monghadi, re bulele!’

12“A ba araba, a re: ‘Ruri ke a le bolella, ha ke le tsebe.’

13“Ha ho le jwalo fadimehang, kahobane ha le tsebe letsatsi leha e le hora.”

Setshwantsho sa ditalenta(Luka 19:11-27)

14“Ho tla ba jwalokaha motho ya neng a etela naheng e hole a ile a bitsa bahlanka ba hae, a re ba sale le maruo a hae.

15A nea e mong tjhelete e ditalenta di hlano, e mong e ditalenta di pedi, e mong yena e le nngwe, e mong le e mong ho ya ka matla a hae, a nto tsamaya. Hanghang

16ya amohetseng ditalenta tse hlano a phakisa a hweba ka tsona, a etsa phaello ya tse hlano.

17Ka mokgwa o jwalo ya amohetseng tse pedi a etsa phaello ya tse pedi.

18Empa ya amohetseng e le nngwe a ya tjheka fatshe, a pata tjhelete ya monga hae.

19“Yare kamora nako e telele, monga bahlanka bao a tla, mme a hlahlobisana boemo ba tshebetso le bona.

20Ya neng a amohetse ditalenta tse hlano a atamela, a tlisa ditalenta tse ding tse hlano, a re: ‘Monghadi, o ne o ntshietse ditalenta tse hlano. Bona, ke entse phaello ya ditalenta tse ding tse hlano.’

21“Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’

22“Ya neng a amohetse ditalenta tse pedi le yena a atamela, a re: ‘Monghadi, o ntshietse ditalenta tse pedi. Bona, ke entse phaello ya ditalenta tse ding tse pedi.’

23“Monga hae a re ho yena: ‘Ke hantle, mohlanka ya kgabane, ya tshepahalang; o tshepahetse dinthong tse seng kae, ke tla o etsa modisa wa tse ngata. Kena, o thabe le monga hao!’

24“Empa ya amohetseng talenta e le nngwe le yena a atamela, a re: ‘Monghadi, ke ile ka o tseba o le motho ya thata, ya kotulang moo a sa kang a jala, ya bokellang moo a sa kang a olosa;

25ke ne ke tshaba, ka hona ka ya pata talenta ya hao mobung: Bona, seng sa hao e ntse e le sena!’

26“Monga hae a mo araba, a re: ‘Mohlanka ya kgopo, ya botswa, o tsebile hore ke kotula moo ke sa kang ka jala, mme ke bokella moo ke sa kang ka olosa.

27O ka be o ile wa isa tjhelete ya ka bankeng, etlere mohla ke kgutlang ke e amohele e se e ena le phaello.

28“ ‘Mo amoheng talenta eo, le e nee ya nang le ditalenta tse leshome,

29hobane mang le mang ya nang le letho o tla newa, mme o tla ngatafallwa; athe ya se nang letho, o tla amohuwa le seo a nang le sona.

30Mohlanka enwa ya se nang thuso, mo lahleleng kantle lefifing, moo ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno!’ ”

Kahlolo ya ditjhaba

31“Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.

32Ditjhaba tsohle di tla phuthehela pela hae, mme o tla kgetha ba bang ho ba bang, jwalokaha modisa a kgetha dinku ho dipodi;

33o tla bea dinku ka letsohong la hae le letona, dipodi ka ho le letshehadi.

34“Jwale Kgosi e tla re ho ba ka ho le letona: ‘Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue Mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa,

35hobane ke ne ke lapile, la mpha dijo; ke nyorilwe, la mpha ka nwa; ke le moeti, la nkamohela;

36ke hlobotse, la nkapesa; ke kula, la ntlhwela; ke le tjhankaneng, la ntjhakela.’

37“Ke moo ba lokileng ba tla mo araba, ba re: ‘Morena, ke neng re ileng ra o bona o lapile, yaba re a o fepa; kapa o nyorilwe, ra o fa wa nwa?

38Ke neng re ileng ra o bona o le moeti, ra o amohela; kapa o hlobotse, ra o apesa?

39Ke neng re ileng ra o bona o kula kapa o le tjhankaneng, ra o tjhakela?’

40“Kgosi e tla ba araba, e re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna.’

41“Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: ‘Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolosi le mangeloi a hae,

42hobane ke ne ke lapile, la se ke la mpha dijo; ke nyorilwe, la se ke la mpha ka nwa;

43ke le moeti, la se ke la nkamohela; ke hlobotse, la se ke la nkapesa; ke kula, ke le tjhankaneng, la se ke la ntlhwela.’

44“Ke moo ba tla mo araba le bona, ba re: ‘Morena, ke neng re ileng ra o bona o lapile, o nyorilwe, o le moeti, o hlobotse, o kula, kapa o le tjhankaneng, yaba ha re o etsetse letho?’

45“O tla ba araba, a re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le sa kang la se etsetsa e mong wa ba banyenyane bana, le nna ha le a nketsetsa sona.’

46“Jwale bana ba tla ya tlhokofatsong e sa feleng, ha ba lokileng ba eya bophelong bo sa feleng.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help