JOBO 23 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Jobo o lakatsa ho ipuella ho Modimo

1Yaba Jobo o a araba, o re:

2“Le kajeno sello sa ka

se sa le bohloko;

le hoja ke bile ke fehelwa hakaalo,

tsoho la Modimo

le ntse le nkimetse.

3Hoja ke a tseba

hore na nka mo fumana kae,

ke ne ke tla ema

kapela setulo sa hae,

4nyewe ya ka ke e rale kapela hae,

ka ho tlala

ke lokodise mabaka a ka.

5Ke ne ke tla utlwa ha a nkaraba,

ke utlwisise

polelo tsa hae ho nna.

6Na Modimo a ka ntshobokella

ka bonatla ba hae?

Le ho ka!

a ka sekeha tsebe, a mmamela!

7Ya lokileng

a ka arabisana le yena moo;

ho Moahlodi wa ka

ke lokollelwe ruri.

8“Ha ke eya botjhabela

ha ke mo fumane,

ha ke eya bophirima

le teng ha ke mo fumane,

9ha a le leboya

ha ke mmone,

ha a sebetsa borwa

le teng ha ke mmone.

10Empa Modimo o tseba

metsamao ya ka;

ha a nteka ke tla tswa

ke hlwekile seka kgauta.

11Mehato ya ka

e hodima mehato ya hae,

ke tsamaile tseleng ya hae,

ha ke a e kgeloha.

12Taelo tse tswang molomong wa hae

ha ke a di kgeloha,

ka pelong ya ka

ke bolokile polelo tsa hae.

13“Ha a rerile o rerile,

a ka hanyetswa ke mang?

O iketsetsa tsohle ka ho rata ha hae;

14seo a se rerileng

o se phetha ka nna,

merero e kang ona

e mengata ho yena,

15ka baka leo ke tshaba ho ema

kapele ho yena,

ha ke mo hopola

tswalo le a nkgekgetha.

16Modimo o mphokodisitse,

ke hloka sebete,

Ya Matla wohle

o nkgekgethisa letswalo;

17empa lefifi le ke ke la nkgutsisa,

fifi la bo-nka-ntjana

le mphoufaditseng.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help