1Pesalema ya Davida, mohlanka wa Morena, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2Ya kgopo o laolwa ke sebe,
sebe se botebong ba pelo ya hae;
ho tshaba Modimo
ha ho yo ho yena.
3Mehopolong ya hae o a ithetsa
hoo a sa boneng sebe sa hae,
hoo a sa se hloyeng.
4Mantswe a tswang
molomong wa hae,
ke mantswe a mabe, a thetsang;
o tlohetse bohlale leha e le botle.
5O rera bokgopo
a ntse a le phateng tsa hae,
o tsamaya tseleng e sa lokang,
ha a kgese bobe.
6Morena, mohau wa hao
o fihla mahodimong,
botshepehi ba hao
bo fihla marung,
7ho loka ha hao
ho jwaloka thaba tse telele,
dikahlolo tsa hao di jwaloka bodiba,
bodiba bo tebileng:
Morena, o pholosa motho
le yona phoofolo.
8Modimo, mohau wa hao
ke wa bohlokwa hakaakang!
Bana ba batho ba tshabela moriting,
moriting wa mapheo a hao.
9Ba kgora manoni a ntlo ya hao;
o ba nwesa nokaneng
ya menate ya hao.
10Sediba sa bophelo se ho wena,
mme ka sedi la hao re bona lesedi.
11O nne o be mohau ho ba o tsebang,
o nne o sitse ba pelo di ntle
ka ho loka ha hao.
12Moikgohomosi
a se bee leoto pela ka,
letsoho la ya kgopo le se nteleke.
13Ba etsang bokgopo ke bao, ba wele!
Ba dihetswe fatshe,
ba ke ke ba hlola ba tsoha.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.