DIPESALEMA 114 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Sefela sa Paseka

1Mohla Iseraele a tswang Egepeta,

ba ntlo ya Jakobo ba tloha,

ba tloha setjhabeng sesele,

2Juda ya eba sehalalelo sa Morena,

Iseraele ya eba mmuso wa hae.

3Lewatle ha le ba bona la baleha,

Jorodane ya tjhetjha kasanthao.

4Dithaba tsa thala jwaloka dipheleu,

maralla jwaloka dikonyana.

5Wena lewatle, o balehelang?

Le wena Jorodane,

o tjhetjhelang kasanthao?

6Lona dithaba,

keng ha le thala jwaloka dipheleu,

le lona maralla, jwaloka dikonyana?

7Wena lefatshe, thothomela,

thothomela pela fahleho sa Morena,

pela sefahleho

sa Modimo wa Jakobo;

8yena ya fetolang lefika

letsha la metsi,

lejwe la moralla a le fetole sediba.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help