ESAYA 16 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Boemo ba Moabe

1Thellang mmusi wa naha

ka ho romela dikonyana,

di romelwe di etswa Sela,

mose wane ho lehwatata,

di romelwe thabeng

ya moradi wa Sione.

2Baradi ba Moabe

ha ba le madibohong a Arenone,

ba ka nonyana tse phuphuselang,

di lelekilwe sehlaheng sa tsona.

Ba re:

3“Re eletse, o re etsetse qeto,

moriti wa hao

o re sireletse motsheare,

sa fifi la bosiu;

pata ba lelekilweng,

o se eke baphaphathethi.

4Eba setshabelo sa Bamoabe,

Bamoabe ba lelekilweng,

o ba sireletse ho ya ba timetsang.”

Motlatlapi o tla kgaotsa ho tlatlapa,

mosenyi yena a kgaotse ho senya,

mohatelli le yena

a fediswe naheng eo.

5Ka mohau terone e tla tsitsiswa,

ya tla e dula a e dule ka botshepehi,

e leng e mong wa leloko la Davida,

ya tla ahlola ka toka,

a thahaselle ho loka.

6Re utlwile hore Moabe o a ikgantsha,

ho ikgantsha ha hae

ke ho tlolang moedi,

o a ikakasa, o a ikgantsha, o bohale,

empa boithoriso ba hae

ke ba lefeela.

7Kahoo tjhaba sa Moabe

se tla itelela,

bohle ba itelele ba le mmoho,

ba llela dijo tse monate

tsa Kire-Harese,

ba lla pelo tsa bona di le bohloko.

8Masimong a Heshebone le a Sibema

morara o ponne,

o motlemotle

o neng o taha babusi ba naha,

morara o neng o lemilwe

ho tloha Jasere,

o lemilwe ho ya fihla lehwatateng,

oo makala a wona

a neng a thathaletse,

ho ya tshela lewatle.

9Ke llela morara wa Sibema

jwalokaha Jasere e llela wa yona,

wena Heshebone le wena Elale

ke le tshela ka dikgapha!

Mehoo e thabelang ho butswa

ha morara wa lona,

le e thabelang kotulo ya lona

e kgaoditse.

10Masimong a dikgwiti

thabo le monyaka ha di sa le yo,

ha ho pina kapa mehoo

masimong a lona a morara,

ha ho ya tlhotlelang veine

tlhotlelong sa hae,

hoba mehoo ya lona

ke nna ya e fedisitseng.

11Pelo ya ka e llela Moabe sa harepa,

le yona Kire-Harese e e llela jwalo.

12Ha Bamoabe ba nyolohela

bakeng tsa bona tsa borapedi,

ba nyolohela lefeela;

ha ba nyolohela tempeleng ya bona

ho ya rapela,

le teng ha ho na thuso.

13Sena ke seo Morena a neng a se bue malebana le Moabe ka nako eo.

14Empa jwale Morena o re: “Ho eso fete dilemo tse tharo, ho ya kamoo mohlanka a di balang kateng, botlotlehi ba Moabe le ba setjhaba sa hae se sengata, bo tla nyediswa, masalla a be mmalwana, a fokole.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help