SEFELA SA DIFELA 3 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Morwetsana:

1Bosiu ha ke robetse

phateng tsa ka,

ke ile ka batla

ya ratwang ke pelo ya ka;

ka mmatla, ka se ke ka mo fumana.

2Jwale ka tsoha

ka ya le motse wohle,

terateng tsa wona

le mabaleng a wona,

ke batla ya ratwang ke pelo ya ka;

ka mmatla, ka se ke ka mo fumana.

3Ka teana le balebedi

ba ntse ba potoloha le motse,

ka re ho bona:

“Na le kile la bona

moratuwa wa ka?”

4Yare ke sa tswa ba feta,

moratuwa wa ka ka mo fumana;

ka mo mamarela,

ka se ke ka mo tlohela

ho fihlela ke kena le yena

ka lapeng heso,

ke mo isa ka kamoreng ya mme,

montswadi wa ka.

Mohlankana:

5Lona baradi ba Jerusalema,

ke a le laya,

ke le laya ka ditshepe

le ka dikgama tsa naha:

Le se tsose moratuwa wa ka

kapa la mo sisinya

ho fihlela yena a ka rata ho tsoha!

Sefela sa boraroMetswalle:

6Elwa ya hlahang lehwatateng

ke mang,

ya kang mosi o lopaletseng,

ya noneditsweng

ka mmira le mokubetso,

tse tswakilweng

ka dinoko tsohle tsa kgwebo?

7Ke Solomone, o nkile malao a hae,

o potapotilwe ke bahale

ba mashome a tsheletseng,

mokgetho wa dikwankwetla

tsa naha ya Iseraele.

8Kaofela ha bona

ba hlometse ka disabole,

kaofela ha bona

ntwa ba e tlwaetse,

disabole di leketla qholong tsa bona,

ba laletse

ha mokgosi wa bosiu o hlajwa.

9Kgosi Solomone

o iketseditse malao,

a a etsa ka lehong la Lebanone;

10ditshiya tsa wona

a di etsa ka silefera,

mokokotlo wa wona

ya eba wa kgauta,

kallane ya eba ya lesela,

lesela le perese,

bokahare ba wona bo lohilwe

ke baradi ba Jerusalema

bo lohilwe ke bona ka lerato.

11Tswang ka matlung,

lona baradi ba Sione,

tswang le bone kgosi Solomone

o rwetse moqhaka,

moqhaka a o rwesitswe ke mmae

mohla lenyalo,

mohla thabo e kgaphatsehang

pelong ya Solomone.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help