DIPESALEMA 60 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Setjhaba se kopa thuso ntweng

1Pesalema ya Davida, e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe wa bopaki”.

2Ke ya mohla Davida a neng a lwana le Baarame ba Naharaime le ba Soba, ha Joabe a kgutlela ho ya hlola Baedomo ba kete tse leshome le metso e mmedi Kgohlong ya Letswai.

3Modimo, o re lahlile, o re ripitlile;

o ne o halefile,

empa jwale ako kgutle,

o kgutlele ho rona.

4O reketlisitse lefatshe, wa le petsola;

ako thibe mapatso a lona,

hobane le a qhehemana.

5O bontshitse tjhaba sa hao bothata,

O re nwesitse jwala

bo re tsekedisang.

6O mokgele ho ba o tshabang,

hore ba phonyohe metsu ya sera,

7baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe.

Re pholose

ka letsoho la hao le letona,

re pholose, o be o re utlwe.

8Modimo o buile

a le Sehalalelong sa hae,

o buile a le ho sona, a re:

“Ke nyakaletse,

ke tla arola Shekeme,

ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto.

9Gileade ke ya ka,

le Manase ke ya ka,

Efraime ke katiba ya ka ya tshepe,

Juda yena ke lere la ka la puso.

10Moabe ke lefiso la ho itlhatswetsa,

leo ke itlhatswetsang ho lona,

Edomo yona ke tla e hapa,

Filesitiya teng

ke tla etsa ditlatse tsa tlholo.”

11Ke mang ya tla nkisa motseng,

motseng wa diqhobosheane?

Ke mang ya tla mphihlisa Edomo,

12ha e le moo wena, Modimo,

o re lahlile,

o se o sa tswe le mabotho a rona?

13Ako re thusetse direng tsa rona,

hobane thuso ya motho ke lefeela.

14Ka thuso ya Modimo

re tla lwana senna,

ke yena ya tla hatakela dira tsa rona.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help