RUTHE 3 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Ruthe o a iketa

1Jwale Naomi, matsala Ruthe, a re ho Ruthe: “Ngwanaka, ke tshwanetse ho o batlela lehae, o tle o dule o iketlile.

2Ha ke re Boase, eo o kileng wa sebetsa le makgabunyane a hae, ke seng le rona? Bona, bosiung bona o tla be a olosa harese seotlong.

3Ka baka leo, itlhatswe, o itlotse, mme o apare hantle, ebe o theohela seotlong. O se ke wa ba wa itsebisa yena ho fihlela ha a qetile ho ja le ho nwa.

4E tle ere ha a itokisetsa ho robala, o hlokomele hantle moo a tla robala teng, o ye teng, o kwaholle maoto a hae, o bothe moo. Yena o tla o bolella seo o tla se etsa.”

5Ruthe a re ho matsalae: “Ke tla etsa tsohle tseo o reng ke di etse.”

6Yaba Ruthe o theohela seotlong, mme a etsa tsohle tseo matsalae a mo laetseng tsona.

7Ha Boase a se a jele, a nwele, mme a thabile, a ya ithoballa pela setha sa harese. Ruthe a ya ho yena ka lenyele, a kwaholla maoto a hae, a botha pela wona.

8Hara mpa ya bosiu Boase a phofa, a fetoha, mme a bona mosadi a bothile maotong a hae.

9Boase a re: “O mang?”

Ruthe a araba, a re: “Ke nna Ruthe, lekgabunyane la hao; apesa lekgabunyane la hao ka kobo ya hao, hobane rona le wena re a tswalana.”

10Boase a re: “Morena a ke a o hlohonolofatse, ngwanaka, hobane seo o se entseng hona jwale se setle ho feta seo o se entseng pele. Ha o a ka wa matha kamora bahlankana, leha e le ba futsanehileng kapa ba ruileng.

11Se tshabe, ngwanaka, ke tla o etsetsa tsohle tseo o di kopang, hobane batho bohle ba motse wa heso ba a tseba hore o mosadi ya kgabane.

12Ke nnete, ke tswalana le wena, empa ho na le e mong ya haufi le wena, empa ho na le e mong ya haufi le wena ka tswalano ho mpheta.

13Robala mona bosiung bona; haeba hosasane a rata ho phetha tshwanelo ya hae ho wena, e tla ba ho lokile. Empa ha a sa rate ho etsa jwalo, ka Modimo ya phelang, nna ke tla etsa jwalo. Phomola mona ho fihlela hosasane.”

14Ruthe a botha pela maoto a Boase ho fihlela hosasane. Ruthe a tsoha e sa le hoseng, ho eso bonahale hantle, hobane Boase o ne a re: “Ho se be motho ya ka tsebang hore mosadi o kile a tla seotlong mona.”

15Boase a re ho Ruthe: “Hlobola kobo ya hao, o e ale mona.” Ruthe a e ala, mme Boase a tshela harese e ka bang boima ba dikilo tse mashome a mabedi. A mo rwesa yona, mme Ruthe a ya motseng.

16Ha Ruthe a fihla hae, matsalae a mmotsa, a re: “Ho bile jwang, ngwanaka?”

Ruthe a mmolella seo monna eo a mo etseditseng sona,

17a re: “Monna eo o mphile harese e ka etsang boima ba dikilo tse mashome a mabedi, a ba a re ho nna: ‘O se ke wa kgutlela ho matsalao o itlhophere.’ ”

18Yaba Naomi o re: “Ako mamelle, ngwanaka, o bone hore na ho tla ba jwang. Boase a ke ke a phomola moyeng ho fihlela taba ena e loka hona kajeno.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help