ESAYA 54 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Lerato la Morena ho Iseraele

1“Bina, wena nyopa,

o sa kang wa beleha,

tsanyaola, o bine ka thabo,

wena o sa kang wa utlwa

bohloko ba pelehi,

hobane bana ba mosadi ya lahlilweng,

ba bangata ho feta

ba mosadi ya nyetsweng,”

ho rialo Morena.

2“Atolosa setsha sa tente ya hao,

o sarolle le masira a ntlo ya hao;

lelefatsa kgwele tsa masira a hao,

le dimapo tsa tsona

o di kgokgothele.

3O tla namela ka ho le letona

le ka ho le letshehadi,

ditloholo tsa hao

di tla hapa naha tsa baditjhaba,

di ahe metseng

eo e seng e le masupi.

4“O se ke wa tshaba,

o ke ke wa hlajwa ke dihlong,

se tshabe ho tlontloloha,

o ke ke wa nyenyefatswa.

O tla lebala dihlong

tsa botjha ba hao,

ho nyediswa ha bohlolohadi ba hao,

ha o sa tla hlola o ho hopola.

5Mmopi wa hao

ke yena monna wa hao,

Morena wa mabotho

ke lona lebitso la hae;

Ya Halalelang wa Iseraele

ke yena Molopolli wa hao,

o bitswa Modimo wa lefatshe lohle.

6“Morena o o bitsitse

sa mosadi ya lahlilweng,

a o bitsa

sa mosadi ya hlomohileng,

ya nyetsweng a sa le monyenyane

a ba a lahlwa,”

ho rialo Modimo wa hao.

7“Ke ile ka o furalla

ka motsotswana feela,

empa ka baka la kutlwelobohloko

ke tla o kgutlisa.

8“Ka baka la kgalefo ya ka

ke ile ka o furalla,

ka o patela fahleho sa ka

ka motsotswana;

empa kahobane ke o rata,

ke tla o utlwela bohloko

kamehla yohle,”

ho rialo Morena, Molopolli wa hao.

9“Ho nna tsena di tshwana

le tsa mehleng ya Nowe,

ha ke ne ke hlapanya ke re:

Morallo o ke ke wa eba teng hape;

kahoo ke hlapanya hore

nke ke ka hlola ke o halefela,

nke ke ka hlola ke o kgalema.

10Leha dithaba di ka sisinngwa

le maralla a suthiswa,

lerato la ka le matla ho wena

le ke ke la sisinyeha,

kapa selekane sa ka sa kgotso

sa fediswa,”

ho rialo Morena, yena ya o utlwelang bohloko.

Jerusalema e ntjha

11“Wena motse o hlokofaditsweng,

wa tsukutlwa ke difefo,

wa hloka motshedisi,

majwe a marako a hao

ke tla a hahella hodima sekama,

metheo ke e hahe ka majwe a safire.

12Tora tsa hao ke tla di haha

ka mahakwe a mafubedu,

kgoro e be tsa majwe

a bofubedu ba malakabe,

marako e be a mahakwe a bohlokwa.

13“Bara ba hao bohle

ba tla rutwa ke Morena,

ditloholo tsa hao

di be le kgotso ya sebele.

14Ha o etsa tse lokileng

o tla matlafala,

bompodi bona

bo ke ke ba eba teng ho wena,

ha o ka ke wa tshaba letho,

esita le ditshoso

di ke ke tsa o atamela.

15Bona, o tla fela o futuhelwe,

feela e se ka tumello ya ka;

empa ya o futuhelang

o tla ineela ho wena.

16“Ke nna ya bopileng lelala,

lona le butswelang

mashala sefuthelong,

ebe le etsa hlomo

tse loketseng mosebetsi wa tsona;

le mosenyi ya senyang

o bopilwe ke nna.

17Ha ho na sebetsa se tla o bolaya,

bohle ba o qosang

o tla ba hlola ka nyewe.

Lena ke lona lefa

la bahlanka ba Morena,

ke ho loka hoo ke ba neang hona,”

ho rialo Morena.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help