DIPESALEMA 146 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Lehlohonolo la ya tshepang Morena

1Haleluja!

Boka Morena, wena moya wa ka!

2Ke tla rorisa Morena

ha ke ntse ke phela;

ke tla roka Modimo wa ka

bophelong ba ka bohle.

3Le se ke la tshepa mahosana,

leha e le motho ya se nang matla,

matla a ho pholosa.

4Hoba a neele moya,

motho o kgutlela mobung;

ka lona tsatsi leo

merero ya hae e a fela.

5Ho lehlohonolo

eo Modimo wa Jakobo

e leng thuso ya hae;

eo Morena Modimo wa hae,

e leng tshepo ya hae.

6Ke yena

ya entseng mahodimo le lefatshe,

lewatle le tsohle tse ho lona.

O tshepahala kamehla,

7o ahlolela ba hateletsweng,

o fepa ba lapileng;

Morena o lokolla batlamuwa,

8Morena o tutubolla mahlo a difofu.

Morena o phahamisa

ba kgokgopaneng;

Morena o rata ba lokileng.

9Morena o sireletsa bajaki,

o thusa kgutsana le mohlolohadi,

athe merero ya ba kgopo

o a e nyopisa.

10Morena o busa kamehla yohle;

Modimo wa hao, Sione,

ke wa meloko yohle.

Haleluja!

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help