ESEKIELE 2 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Esekiele o bitsetswa ho ba moporofeta

1Lentswe la re ho nna: “Wena ngwana motho, ema ka maoto, mme ke tla bua le wena.”

2Ha lentswe le ntse le bua, Moya wa kena ka ho nna, wa mphahamisa, ka ema ka maoto, ka utlwa le bua ho nna.

3La re ho nna: “Wena ngwana motho, ke o roma ho bana ba Iseraele, e leng setjhaba sa bafetohedi, se ileng sa mphetohela; sona le bo-ntata sona haesale se mphetohela ho fihlela kajeno.

4Setjhaba seo ke o romang ho sona se manganga, se pelo di thata. Ere ho sona: ‘Morena Modimo o bua tjena.’

5Ebang se a o mamela kapa ha se o mamele, hobane ke setjhaba se mphetohetseng, feela se tla tseba hore moporofeta o bile teng hara sona.

6Ha e le wena ngwana motho, o se ke wa se tshaba, kapa wa tshoha dipolelo tsa sona. O se ke wa se tshaba leha o ka teelwa hare ke tshehlo le meutlwa, wa phela hara diphepheng. O se ke wa tshaba seo se se buang kapa sa o tshosa, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.

7O se bolelle mantswe a ka, ebang se a mamela kapa ha se mamele, hobane ke setjhaba sa bafetohedi.

8Empa wena ngwana motho, o mamele seo ke o bolellang sona. O se ke wa mphetohela jwaloka setjhaba seo se mphetohetseng. Ahlama, o je seo ke tla o nea sona.”

9Yare ha ke tadima ka bona letsoho le otlolletswe ho nna. Le ne le tshwere buka

10eo le ileng la e phetla kapele ho nna. Ka mahlakoreng a yona a mabedi ho ne ho ngotswe mantswe a kodi-ya-malla, a bofifi le a bomadimabe.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help