1O se ke wa re nea tlotla, Morena,
o se ke wa e nea rona,
o mpe o e nee lebitso la hao,
ka baka la mohau wa hao
le botshepehi ba hao.
2Keng ha baditjhaba ba ka re:
“O kae Modimo wa bona?”
3Modimo wa rona o mahodimong,
o etsa tsohle tse mo kgahlang.
4Medimo ya bona
ke ya silefera le ya kgauta,
ke mosebetsi wa matsoho a batho.
5E na le melomo, empa ha e bue;
e na le mahlo, empa ha e bone.
6E na le ditsebe, empa ha e utlwe;
e na le dinko, empa ha e fofonele.
7E na le matsoho, empa ha e tshware;
e na le maoto, empa ha e tsamaye;
ha ho modumo
o tswang qoqothong tsa yona.
8Ba e etsang
ba ke ba tshwane le yona,
ba be jwalo bohle ba e tshepang.
9Lona ba ntlo ya Iseraele,
tshepang Morena:
Ke yena thuso le thebe ya lona.
10Lona ba ntlo ya Arone,
tshepang Morena:
Ke yena thuso le thebe ya lona.
11Lona ba tshabang Morena,
tshepang Morena:
Ke yena thuso le thebe ya lona.
12Morena o ntsa re hopotse,
o tla re hlohonolofatsa;
a hlohonolofatse
ba ntlo ya Iseraele,
a hlohonolofatse
ba ntlo ya Arone,
13a hlohonolofatse bohle,
bohle ba tshabang Morena,
ba banyenyane mmoho le ba baholo.
14Morena a ke a le ngatafatse,
lona le bana ba lona.
15Morena a ke a le hlohonolofatse,
yena ya entseng mahodimo,
a etsa le lefatshe.
16Mahodimo ke mahodimo a Morena,
lefatshe lona
o le neile bana ba batho.
17Hase bafu ba ka rorisang Morena,
leha e le ba theohetseng lebitleng.
18Empa ke rona ba phelang
ba ka bokang Morena,
ho tloha jwale le kamehla yohle.
Haleluja!
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.