SAKARIYA 10 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Morena o tla lopolla setjhaba

1Kopang Morena

ho le fa pula, selemo,

kaha ho fehla maru a pula

o a ho tseba.

O nesetsa batho

pula ya ditlwebelele,

a e nesetse bohle,

le dijalo hara masimo.

2Dipolelo tsa medingwana

ke tsa bohata,

pono tsa bonwang ke dinohe

ke tsa leshano,

di bolela toro tse se nang nnete.

Matshediso a dinohe tsena

ha a na thuso;

setjhaba se lelera sa mohlape-maitisi,

se tsielehile ke ho hloka modisa.

3Morena o re:

“Kgalefo ya ka e tloketse badisa,

kahoo baetapele bana ke tla ba otla.

Morena wa mabotho

o tla baballa mohlape wa hae,

e leng ba ntlo ya Juda,

ba tshwana le pere e mabela ya ntwa.

4Lejwe la mantla le tla tswa ho Juda,

thakgisa ya tente e tswe ho yena,

seqha sa ntwa le sona

se tswe ho yena,

le babusi bohle ba tla tswa ho yena.

5Bohle e tla ba dinatla tsa batho,

dira tsa bona ba di hatakele,

ba di kgotlelle diretseng ba le ntweng.

Ba tla lwana,

hoba Morena o a ba thusetsa,

bapalami ba dipere ba phasaphase.

6“Ke tla matlafatsa ba ntlo ya Juda,

ba ntlo ya Josefa ke ba pholose.

Ke tla ba kgutlisetsa ha habo bona,

hobane ke ba utlwela bohloko.

Ba tla ka bao ke ne ke eso ba lahle,

hobane nna ke Morena,

Morena Modimo wa bona,

ke tla amohela thapelo tsa bona.

7Ba Efraime

e tla ba dinatla tsa batho,

pelo tsa bona di nyakalle ke thabo,

di nyakalle, e ke ba nwele veine.

Bana ba bona ba tla bona,

ba be ba thabe,

pelo tsa bona di nyakallele Morena.

8Ke tla ba hwehla,

ke ba kgobokanye,

hobane ke na ya ba lopolotseng;

ba tla ba bangata sa mohla monene.

9Leha ke ba qhalanyeditse

hara baditjhaba,

ba tla nne ba nkgopole

ba le naheng tse hole,

bona le bana ba bona ba tla phela,

ba be ba kgutlele ha habo bona.

10Ke tla ba kgutlisa

naheng ya Egepeta,

ke ba phuthe, ba kgutle Asiria.

Ke tla ba tlisa Gileade,

ke ba tlise le Lebanone,

ho fihlela naha tseo di sa ba lekane.

11Ke tla ba tshedisa

lewatle la ditlokotsi,

maqhubu a bilohang ke a bobise,

dikweetsa tsohle tsa Nile

ke di pshese.

Boikakaso ba Asiria

bo tla kokobetswa,

puso ya Egepeta le yona e fele.

12Matla a bona a tla tswa ho Morena,

ba mo kgumamele,

ba mo hlomphe,”

ho rialo Morena.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help