HABAKUKE 2 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Morena o araba Habakuke

1Ke tla ema sethaleng sa ka,

ke lalle ke le toreng,

toreng ya balebedi,

ke mamele

seo Morena a se buang ho nna,

ke imamelle

hore na ke tla mo araba jwang.

2Yaba Morena o a nkaraba, o re:

“Ngola taba tsa pono ena

hodima matlapa,

o di ngole hantle

babadi ba se ke ba hakwa.

3Pono ena e sa emetse nako ya yona,

e haufi e phethahala,

mme e ke ke ya thetsa.

Leha e ka dieha, wena o e emele,

e tla fela e phethahale,

ha e ka ke ya dieha.

4Bona, ya kgopo yena

a ke ke a phela,

athe ya lokileng

o tla phela ka tumelo ya hae.”

Kotlo ya ba sa lokang

5“Ruri, veine ke moeki wa motho;

ya ikgohomosang a ke ke a phela.

O meharo jwaloka Nqalo ya Bafu;

jwaloka lefu ha a ke a kgora.

O ipokellela ditjhaba tse ngatangata,

merabe kaofela a e fetole bathopuwa.

6“Kaofela ha bona

ba tla mo nyedisa,

ba mo nyahanye,

ba mo nyefole, ba re:

‘Ho madimabe

ya ipokellelang tsa boshodu,

ya ithuisang ka ho hanyapetsa batho!

Hoo ho tla ba jwalo ho fihlela neng?’

7Bao o ba hanyapetsang

ha ba tlo o tsometsa,

wena o thothomele

ha ba o tsohela matla?

Wena o tla ba mothopuwa wa bona!

8Kaha o tlatlapile

ditjhaba tse ngata,

masalla a tsona

le wona a tla o tlatlapa,

hobane o tsholotse madi a batho,

o sentse dinaha,

le metse wa e ripitla,

le baahi bohle ba yona

wa ba timetsa.

9“Ho madimabe

ya ithuisang ka mano,

ya hahang ntlo ya hae

hodima qhowa,

hore a tla tsebe ho phema koduwa.

10Merero ya hao

e hlabisitse ba heno dihlong,

merero ya ho bolaya

ditjhaba tse ngata;

kahoo o beile

bophelo ba hao kotsing.

11Majwe a lerako a tla hlaba mokgosi,

maballo a lehong

a arabele mokgosi oo.

12“Ho madimabe

ba hahileng motse wa bona,

ba o hahileng ka ho tsholla madi,

ba o haha

hodima moralo wa bolotsana!

13Na hase Morena wa mabotho

ya ileng a rera,

hore mosebetsi wa batho

o fediswe ka mollo,

le hore ditjhaba di sebeletse lelea?

14Empa tsebo e tla tlala,

e tlale lefatshe kahohle,

tsebo ya ho tseba tlotla ya Morena,

e tlale lefatshe

sa metsi a tletse lewatle.

15“Ho madimabe

ya nwesang ba habo tahi,

a ba tshelle yona

ho fihlela ba tahwa,

a tla tsebe

ho bona bofeela ba bona.

16O tla aparelwa ke dihlong,

e seng ke tlotla.

Nako ke ya hao jwale, ya hore o nwe!

Nwa he, bofeela ba hao bo pepesehe!

Senwelo se ka tsohong

le letona la Morena,

se a pota, se tla be se fihle ho wena,

ebe dihlong

di aparela tlotla ya hao.

17Tshenyo e entsweng Lebanone

e tla o timetsa,

polao ya dibatana tsa yona

e tla o tshosa,

hoba madi a batho

a tsholotswe ke wena,

wa senya naha, le motse wa o ripitla,

baahi bohle ba wona wa ba timetsa.

18“Modingwana wa bohata

o thusa mo-o-etsi ka eng?

Ke setshwantsho feela,

se bolela mashano!

Moetsi wa sona

o tshepa mmopo wa matsoho a hae,

o iketseditse modingwana,

modingwana o semumu!

19Ho madimabe ya reng ho lehong:

‘Phaphama!’

le ho lejwe le semumu:

‘Phahama!’

Na medimo e tjee

e ka tseba ho porofeta?

E kgabisitswe ka kgauta

le ka silefera,

empa ka ho yona

moya wa bophelo ha o yo!

20Morena yena

o ka Tempeleng ya hae,

Tempele ya hae e halalelang;

fatshe lohle

le ke le kgutse kapela hae.”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help