DIPESALEMA 52 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Modimo o ahlola ya sehloho

1Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto;

2ya mohla Doege, Moedomo, a neng a tlilo tsebisa Saule hore Davida o kene tlung ya Abimeleke.

3O ithorisetsang ka bobe,

wena ya sehloho?

Tseba, mohau wa Modimo

ke wa kamehla yohle.

4O ntse o rera ho timetsa ba bang,

leleme la hao le ka lehare le bohale,

wena ya etsang bolotsana.

5O rata bobe ho ena le botle,

le leshano ho ena le nnete.

6O rata dipuo tse timetsang,

wena ya leleme le thetsang!

7Modimo o tla o ripitlela ruri,

a o hlwibile,

a o hotolele ntle ho tente ya hao,

a o fedise

lefatsheng la ba phelang.

8Ba lokileng ba tla bona tsena,

mme ba tshabe;

ba tla mo tsheha, ba re:

9“Bonang motho

ya sa etsang Modimo tshabelo sa hae,

ya itshepetseng bongata

ba maruo a hae,

ya entseng bokgopo

setshabelo sa hae.”

10Empa nna, ka tlung ya Modimo,

ke jwaloka sefate sa mohlwaare,

fate se setalana;

ke tshepa mohau wa Modimo,

ke o tshepa kamehla le mehla.

11Ke tla o boka kamehla

ka seo o se entseng,

ke tlotlise bitso la hao

ke le hara batshepuwa ba hao,

hobane wena o molemo.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help