DIPESALEMA 109 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Moqosuwa o ipiletsa ho Modimo

1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

Modimo, wena eo ke o rorisang,

o se ke wa kgutsa,

2hobane ba kgopo le ba leshano

ba ahlamisitse melomo

ho ntwantsha.

Ba bua le nna

ka maleme a thetsang,

3ba nteela hare ka dipuo tsa lehloyo,

ba mphutuhela ntle ho lebaka.

4Ba mpuseletsa lerato la ka,

ba mpuseletsa lona ka ho nqosa,

leha ke ntse ke ba rapella.

5Ba mputsa ka bobe bakeng sa botle,

le lehloyo bakeng sa lerato.

6Ako bee ya kgopo

ho ahlola motho eo,

moqosi wa hae a nne a eme

ka hlakoreng la hae le letona.

7Ha a ahlolwa

a ke a fumanwe a le molato,

thapedi ya hae e nkuwe e le sebe.

8Ditshiu tsa hae di ke di kgutsufale,

e mong a ke a nke

mosebetsi wa hae.

9Bana ba hae e ke be dikgutsana,

le mosadi wa hae e be mohlolohadi.

10Bana ba hae ba lelere,

e be mekopakopa,

ba lelekwe thakong tsa habo bona.

11Moadimani a ke a mo amohe

sohle seo a nang le sona;

batho basele ba ikgapele

tholwana tsa mofufutso wa hae.

12Ho se be motho ya mo hauhelang,

kapa ya thusang dikgutsana tsa hae.

13Ditloholo tsa hae di ke di timetswe,

mabitso a tsona a hlakolwe

melokong e hlahlamang.

14Molato wa bo-ntatae

o nne o hopolwe ke Morena,

sebe sa mmae

se se ke sa hlakolwa;

15Morena a nne a di hopole kamehla,

a ba hlakole lefatsheng,

hore ba se hlole ba hopolwa.

16Motho eo ha a a ka a hopola,

a hopola ho ba mohau,

empa a hlorisa mohlophehi,

a hlorisa le mofutsana,

a tle a bolaye ya tepeletseng pelo.

17A rata ho rohakana:

Thohako e ke be hodima hae!

Ha a ka a thabela tlhohonolofatso:

E ke be hole le yena!

18A apara thohako jwaloka kobo:

E ke e monyele mmeleng wa hae,

e monyele jwaloka metsi,

le masapong a hae jwaloka ole.

19E ke be jwaloka seaparo

seo a ipopileng ka sona,

e be jwaloka leqhama

leo a itlamileng ka lona kamehla.

20Morena a ke a putse

baqosi ba ka jwalo,

batho bana ba mpuang hampe.

21Empa wena Morena, Morena ka,

ako nthusetse

ka baka la lebitso la hao,

o nnamolele

ka baka la mohau wa hao o molemo.

22Ke mohlophehi, ke mofutsana,

pelo ya ka e thulame

ka sefubeng sa ka.

23Ke ikela jwaloka meriti e theang,

ke fefolwa jwaloka tsie.

24Mangwele a ka a tsherema,

a tsherema ke ho itima dijo,

mmele wa ka o otile

ke ho hloka mafura.

25Ke fetohile sekgobo

ho baqosi ba ka,

ha ba mpona

ba ntshisinyetsa dihlooho.

26Ako nthuse,

Morena, Modimo wa ka,

o mpholose ka mohau wa hao,

27ba tle ba tsebe

hore hona ho entswe ke wena,

ke mosebetsi wa matsoho a hao,

matsoho a hao wena Morena.

28Bona ba a rohakana,

empa wena o a hlohonolofatsa;

ba ntsohelang matla

ba ke ba hlajwe ke dihlong,

mohlanka wa hao

yena a ke a thabe.

29Baqosi ba ka ba aparelwe ke dihlong,

tlontlollo e be jwaloka seaparo

seo ba ipopileng ka sona.

30Ke tla boka Morena

ka lentswe le phefa,

ke mo rorise ke le hara matshwele;

31hobane o eme ka hlakoreng le letona

hlakoreng le letona la mofutsana,

hore a tle a mo pholose

ho ba mo ahlolang.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help