MORUTI 12 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

1Hopola Mmopi wa hao

o sa le motjha,

matsatsi a ditsietsi a eso ka a fihla,

ho eso tle dilemo

tseo ka tsona o tla re:

“Ha ke sa thabiswa

ke letho ho tsona!”

2Mo hopole tsatsi le eso fifale,

le lesedi le kgwedi le tsona dinaledi,

maru a pula a eso aparele hape;

3matsoho a hao a eso rerekele,

meno a hao a eso ka a kgenoha,

mahlo a hao a eso ho fifale,

4tsebe di sa utlwa marata diterateng,

lerata la ho sila le sa utlwahala;

melodi ya dinonyana

e eso be mowewetso,

dipina tsohle di sa utlwahala;

5batho ba eso tshabe

ho hlwa mekwalaba,

ho tsamaya ditseleng ho so be kotsi;

moriri wa hlooho o eso pudufale,

o eso tsamaye o kokoroha,

o kokoroha sa tsienyane,

takatso tsa hao tsohle di eso fele;

hobane motho o ya boyabatho,

mahahabo a mo hlabele

sa mmokotsane.

6Mo hopole

kgwele ya silefera e eso kgaohe,

jana sa kgauta se eso pshatlehe,

nkgo e eso bjaratsehe sedibeng,

kgwele ya sekgello

e eso kgaohele ka sedibeng;

7lerole le eso busetswe leroleng,

moya o kgutlela ho Modimo,

Mofani wa wona.

8“Lefeela la mafeela,”

ho rialo Moruti,

“tsohle ke lefeela!”

Qetello ya ditaba

9Moruti o ne a sa hlalefa feela, empa o ne a bile a ruta batho tseo a di tsebang. O ile a nahana, a fuputsa, mme a hlophisa maele a mangata.

10A batlisisa mantswe a nepahetseng, mme dipolelo tseo a di ngotseng tsa nepahala, ya eba tsa nnete.

11Dipolelo tsa bahlalefi di tshwana le ditsenene; maele a bokeletsweng a tshwana le dithakgisa tse kgokgothetsweng fatshe, mme kaofela a tswa ho Modisa a le mong.

12Jwale itlhokomele, ngwana ka! Ho ngolwa ha dibuka ha ho fele; ho ithuta haholo le hona ho tepeletsa mmele.

13Tsohle jwale di utlwahetse,

mme qetello ya taba ke ena:

Tshaba Modimo,

o boloke melao ya hae,

hoba hona

ke tshwanelo yohle ya motho.

14Diketso tsohle

Modimo o tla di ahlola,

esita le tsona tsohle

tse entsweng bofihla,

ebang di ntle kapa di mpe.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help