DIPESALEMA 135 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Morena wa rona o moholo ho medimo yohle

1Haleluja!

Rorisang lebitso la Morena,

mo roriseng,

lona bahlanka ba Morena,

2ba emang ka Tlung ya Morena,

mabaleng a Ntlo ya Modimo,

Ntlo ya Modimo wa rona.

3Rorisang Morena,

hobane Morena o molemo;

rokang lebitso la hae,

hobane o a rateha.

4Morena o ikgethetse,

a ikgethela leloko la Jakobo,

e leng Iseraele,

hore e be leruo la hae.

5Ruri ke a tseba

hore Morena o moholo,

Morena wa rona o moholo,

o moholo ho medimo yohle.

6Morena o etsa tsohle

tseo a di ratang,

mahodimong le lefatsheng,

mawatleng le madibeng wohle.

7Ke yena ya nyollang maru,

a a nyolle dipheletsong tsa lefatshe,

ya nesang pula ka mahadima,

ya bulelang difefo

moo a di kwaletseng teng.

8Ke yena ya ileng a bolaya,

a bolaya matsibolo a Egepeta,

ho qala ka a batho

ho isa ho a diphoofolo.

9Ho wena Egepeta,

o ile a romela

dipontsho le dimakatso, ho Faro

le ho bahlanka bohle ba hae.

10Ke yena ya ileng a timetsa,

a timetsa ditjhaba tse ngata,

a bolaya dikgosi tse matla:

11Sihone, kgosi ya Baamore,

le Oge, kgosi ya Bashane,

le mebuso yohle ya Kanana.

12A fana ka naha ya bona

hore e be lefa,

lefa la Iseraele setjhaba sa hae.

13Morena, lebitso la hao

ke la kamehla yohle;

Morena, o tla hopolwa,

o hopolwe ke meloko yohle.

14Morena o tla ahlola,

a ahlolele setjhaba sa hae,

mme a qenehele bahlanka ba hae.

15Medimo ya bohata ya baditjhaba

ke ya silefera le ya kgauta,

ke mosebetsi wa matsoho a batho.

16E na le melomo, empa ha e bue;

e na le mahlo, empa ha e bone.

17E na le ditsebe, empa ha e utlwe;

le ho phefumoloha,

ha e phefumolohe.

18Ba e etsang

ba ke ba tshwane le yona,

ba be jwalo bohle ba e tshepang.

19Lona, ba ntlo ya Iseraele,

bokang Morena;

lona ba ntlo ya Arone,

bokang Morena;

20lona ba ntlo ya Levi,

bokang Morena;

le lona ba tshabang Morena,

bokang Morena.

21Morena a ke a bokwe ke ba Sione,

yena ya ahileng Jerusalema.

Haleluja!

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help