1Wena Iseraele,
kgutlela ho Morena,
Morena Modimo wa hao,
hobane o wele
ka baka la bokgopo ba hao.
2Itokisetseng tseo le tla di bua,
le kgutlele ho Morena,
le re ho yena:
“Ako re tshwarele
bokgopo bohle ba rona,
mme thapedi ya rona o e amohele.
Bakeng sa ho nyehela
ka mahlabelo a dipohwana,
re tla o boka ka melomo ya rona.
3Asiria e ke ke ya re pholosa,
ha re sa tla palama dipere tsa ntwa.
Tse entsweng ka matsoho a rona
re ke ke ra hlola re re
ke medimo ya rona,
hobane kgutsana
e utlwelwa bohloko ke wena.”
Morena o tshepisa Iseraele bophelo bo botjha4Jwale Morena o re:
“Bokwenehi ba bona ke tla bo fedisa,
ke ba rate ka rato lohle la pelo ya ka,
hobane kgalefo ya ka e ba fapohile.
5Ho Iseraele ke tla ba jwaloka phoka,
Iseraele o tla thunya sa mohaladitwe,
a mele metso sa kedare ya Lebanone.
6Makala a hae a tla hlomela,
a thathalle, a kgahlehe
jwaloka fate sa mohlwaare,
a nkge hamonate
sa kedare ya Lebanone.
7Ba tla boela ba dula
moriting wa sona,
ba leme mabele, ba a tjhaye haholo,
ba etse dithunthung
jwaloka fate sa morara,
botumo ba bona
e ke ba veine ya Lebanone.
8Ekaba Efraime
o sa tla etsang ka medingwana?
Ke mo utlwile,
ke tla be ke mo lebele.
Nna ke ka sefate sa kipere,
fate se setalana,
ke ka thuso ya ka
o behang ditholwana.”
Keletso ya ho qetela9Ya bohlale ke mang?
Tsena o tla di hlokomela.
Ya masene ke mang?
Yena o tla di utlwisisa.
Ditsela tsa Morena di nepahetse,
ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona,
baetsadibe
ba kgothometsehe ho tsona.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.