DIPESALEMA 75 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Modimo ke moahlodi

1Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Sefela.

2Re a o boka Modimo, re a o boka,

rona ba rapelang lebitso la hao,

ba bolelang dimakatso tsa hao.

3“Ka nako eo ke e beileng,”

ho rialo Modimo,

“ke nna ya tla ahlola ka ho loka.

4Leha lefatshe le ka thothomela

le bohle ba ahileng ho lona,

ke nna ya tiisitseng ditshiya tsa lona.

5Ke itse ho baikakasi:

‘Le se ke la ikakasa,’

ho ba kgopo ka re:

‘Le se ke la kgantsha matla;

6le se ke la kgantsha matla hakaalo,

kapa la bua le sataladitse melala.’ ”

7Kahlolo ha e tswe botjhabela,

kapa ha e tswe bophirimela,

leha e le lehwatateng

kapa dithabeng.

8Ke Modimo ya ahlolang:

O kokobetsa e mong,

a phahamise e mong.

9Ka letsohong

Morena o tshwere mohope

o phophomang veine

e lomosehileng.

O qhatsetsa bohle ba kgopo

ba lefatshe;

ba a nwa, ba minyeletsa le maritsa.

10Empa nna ke tla mo fapha kamehla,

ke roke Modimo wa Jakobo.

11O tla fedisa matla wohle a ba kgopo,

mme ba lokileng ba tla matlafala.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help