DIPESALEMA 86 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thapelo ya ho ikopela thuso

1Thapelo ya Davida.

Morena, ako ntshekehele tsebe,

o nkarabe,

hobane ke hlophehile,

ke futsanehile.

2Ako baballe bophelo ba ka,

hobane ke motshepuwa wa hao,

pholosa mohlanka wa hao

ya o tshepang.

3Ke wena Modimo wa ka,

nkgauhele, Morena,

ke ipiletsa ho wena kamehla.

4Ako thabise mohlanka wa hao;

ke o rapela

ka moya wa ka wohle, Morena.

5Wena Morena, o molemo,

o a tshwarela;

mohau wa hao o moholo

ho bohle ba ipiletsang ho wena.

6Morena, sekehela thapelo ya ka tsebe,

o mamele sello sa thapedi ya ka.

7Ha ke le matshwenyehong

ke ipiletsa ho wena,

mme wena o a nkaraba.

8Morena, ha ho ya tshwanang le wena,

ya tshwanang le wena hara medimo,

ha ho mesebetsi e kang ya hao.

9Tjhaba tsohle tseo o di bopileng

di tla tla,

di itihele maotong a hao Morena,

di tlotlise lebitso la hao;

10hobane o moholo, o etsa dimakatso,

ke wena Modimo o inotshi.

11Nthute tsela ya hao Morena,

ke tle ke tsamaye nneteng ya hao;

tataisetsa pelo ya ka

tshabong ya lebitso la hao.

12Morena, Modimo wa ka,

ke tla o boka ka pelo ya ka yohle,

ke tlotlise lebitso la hao

kamehla yohle.

13Ho nna mohau wa hao o moholo,

ke wena ya ntopolotseng

botebong ba Nqalo ya Bafu.

14Modimo,

baikakasi ba ntsohetse matla,

sehlopha sa ba sehloho

se batla bophelo ba ka,

ha ba na taba le wena.

15Empa wena Morena, o Modimo

o na le kutlwelobohloko le mosa,

o dieha ho halefa,

o tletse mohau le botshepehi.

16Ako kgutlele ho nna, o nkgauhele;

matlafatsa mohlanka wa hao,

o pholose mora

wa lekgabunyane la hao.

17Bonahatsa molemo wa hao ho nna,

ba ntlhoileng ba hlajwe ke dihlong,

ha ba bona hore wena Morena,

o mothusi wa ka

le motshedisi wa ka.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help