DIPESALEMA 144 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Modimo ke mohlodi wa tlholo le katleho

1Pesalema ya Davida.

Ho bokwe Morena, lefika la ka,

yena ya nthutang ho lwana,

yena ya nkwetlisetsang ntwa.

2Ke setshabelo sa ka

le qhobosheane ya ka,

seqhobo sa ka

le monamoledi wa ka;

ke thebe ya ka,

eo ke itshireletsang ka yona,

ke yena ya beang ditjhaba

katlasa puso ya ka.

3Morena, ebe motho e ne e le eng,

hoo o ka mo nkelang hloohong?

Ngwana motho e ne e le eng,

hoo o ka mo hopolang?

4Motho o tshwana le lefeela,

ditshiu tsa hae

di jwaloka moriti o fetang.

5Morena, phetla mahodimo a hao,

o theohe, o ame dithaba

di tle di foqohe mosi.

6Betsa mahadima,

dira di tle di qhalane,

o fule ka metsu ya hao,

di tle di phasaphase.

7Nnanabele o le hodimo,

o mpholose,

o nkinole metsing a lewatle,

le matsohong a baditjhaba;

8ba buang mashano

ka melomo ya bona,

ba phahamisang matsoho

ho hlapanyetsa bohata.

9Modimo, ke tla o binela,

ke o binele sefela se setjha,

ke o roke

ka harepa e kgwele di leshome,

10wena ya neang dikgosi tlholo,

wena ya pholosang Davida,

mohlanka wa hao.

11Mpholose saboleng e sehloho,

namolele matsohong a baditjhaba

ba buang mashano

ka melomo ya bona,

ba phahamisang matsoho

ho hlapanyetsa bohata.

12Bara ba rona, botjheng ba bona,

ba ke ba be jwaloka ditlama,

tlama tse holang hantle;

baradi ba rona ba be jwaloka ditshiya,

tshiya tsa dihuku

tse betletsweng ntlo ya bokgosi.

13Mediko ya rona e ke e tlale,

e tsholohe dijo tsa mefutafuta.

Manku a rona a ke a ate ka dikete,

e be diketekete makgulong a rona;

14makgomo a rona a ke a emare,

a se folotse

kapa a shwelwa ke manamane,

ho se be diboko mabaleng a motse.

15Ho lehlohonolo setjhaba

se tlelwang ke tse jwalo,

ho lehlohonolo setjhaba

seo Morena e leng Modimo wa sona.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help