1Meriama le Arone ba bua hampe ka Moshe, ka baka la mosadi wa Mokushe eo a neng a mo nyetse, hobane o ne a nyetse mosadi wa Mokushe.
2Ba re: “Na Morena o fela a buile ka molomo wa Moshe? Na ha a eso bue ka melomo ya rona?” Morena a utlwa taba ena.
3Moshe e ne e le motho ya mosa haholo ho feta batho bohle ba kileng ba phela lefatsheng.
4Hanghang Morena a bua ho Moshe, le ho Arone, le ho Meriama, a re: “Lona ba bararo tloong ka Tenteng ya Morena!” Boraro ba bona ba tla ka Tenteng ya Morena.
5Morena a theoha a le kahara leru le lopaletseng, a ema monyakong wa Tente, a bitsa Arone le Meriama, mme bobedi ba bona ba tla.
6Morena a re ho bona:
“Jwale utlwang mantswe a ka:
Haeba ho na le moporofeta
hara lona,
nna, Morena,
ke tla itsebisa yena ka pono,
ke tla bua le yena ka toro.
7Ho mohlanka wa ka Moshe
ha ho jwalo;
ka tlung ya ka yohle o a tshepahala.
8Ke bua le yena re tadimane,
Ke bua ka puo e hlakileng,
e seng ka dilotho,
yena o bona sebopeho sa ka.
Ke ka baka lang
ha le sa tshabe ho bua,
le sa tshabe ho bua Moshe,
mohlanka wa ka, hampe?”
Meriama o otlwa ka lepera9Kgalefo ya Morena ya tlokoma, yaba o a tsamaya.
10Leru la phahama hodima Tente ya Morena, Meriama a sala a se a tletse lepera, a le mosweu jwaloka lehlwa. Ha Arone a retelehela ka ho Meriama, a bona a se a tletse lepera.
11Arone a re ho Moshe: “Oho, morena ka, se ke wa re jarisa sebe, ke a o rapela, hobane re entse ka bothoto, mme re entse sebe.
12Meriama a se ke a ba jwaloka sefolotsana se tswang popelong ya mma sona, dinama tse ding tsa sona di jeehile.”
13Moshe a ipiletsa ho Morena, a re: “Oho, Modimo, ke a o rapela! Ako mo fodise hle!”
14Yaba Morena o re ho Moshe: “Haeba ntatae a ne a ka mo tshwela ka mathe sefahlehong, na o ne a ke ke a ba dihlong ka matsatsi a supileng? Mo kwalle kathoko ho diahelo ka matsatsi a supileng, mme kamora moo le mo tlise diahelong hape.”
15Meriama a kwallwa kathoko ho diahelo ka matsatsi a supileng, mme setjhaba ha se a ka sa tswela pele leetong ho fihlela Meriama a kgutlisetswa diahelong hape.
16Kamora moo setjhaba sa tswela pele leetong, ho tloha Haserote, mme sa fihla sa hloma diahelo lehwatateng la Parane.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.