DIPESALEMA 32 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Lehlohonolo la ya tshwaretsweng dibe

1Pesalema ya Davida. Thothokiso e nang le thuto.

Ho lehlohonolo

ya tshwaretsweng tlolo ya hae,

eo sebe sa hae se hlakotsweng.

2Ho lehlohonolo motho

eo Morena a sa mmalleng molato,

eo moya wa hae o se nang thetso.

3Ha ke ne ke sa kgutsitse,

ke ne ke opelwa ke masapo

ke ho dumaela letsatsi lohle.

4Motsheare le bosiu

letsoho la hao le ne le nkimela,

moko wa ka o ne o omella

jwalokaha eka o tjheswa ke lebatama,

lebatama la lehlabula.

5Ka ba ka ipolela sebe sa ka ho wena,

ka se ke ka pata molato wa ka;

ka re: “Ke tla ipolela

ditlolo tsa ka ho Morena;”

wena wa ntshwarela molato

wa sebe sa ka.

6Ka baka leo, bohle ba tshepahalang

ba tla o rapela ka nako ya tsietsi.

Leha merallo ya metsi

e ka aparela hohle,

e ke ke ya fihla ho bona.

7O setshabelo sa ka,

o tla mphemisa matshwenyeho;

o nteela hare, o a ntopolla.

8Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela;

ke tla o eletsa, ke o bee leihlo.

9O se ke wa tshwana le pere

kapa mmeile,

tsona di hlokang kelello,

di thapiswang ka tomo le marapo;

ho seng jwalo o ke ke wa di laola.

10Mahlomola a ya kgopo a mangata,

athe ya tshepileng Morena

o teetswe hare ke mohau wa hae.

11Thabelang Morena, le nyakalle,

le nyakalle lona ba lokileng;

le etse ditlatse, lona ba pelo di ntle.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help