MEETLO 1 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Dinyehelo tsa setjheso

1Morena a bitsa Moshe a le ka Tenteng ya Morena, a re:

2“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha e mong wa lona a tlisetsa Morena nyehelo ya phoofolo, e be e tswang mohlapeng wa hae wa dikgomo, kapa wa dinku.

3“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le kgomo e tswang mohlapeng wa hae hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha. A e tlise monyakong wa Tente ya Morena, e le hore a tle a amohelehe ho Morena.

4A bee letsoho la hae hodima hlooho ya phoofolo ya sehlabelo sa setjheso, mme e tla ananelwa e le sehlabelo se tlosang dibe tsa hae.

5Pohwana ena a e hlabele kapele ho Morena. Baprista, e leng bara ba Arone, ba bee madi kapele ho Morena, ba nto foka mahlakore kaofela a mane a aletare e pela monyako wa Tente ka madi ao.

6A bue phoofolo ena ya setjheso, a e tshele;

7baprista, e leng bara ba Arone, ba bee mashala a tukang hodima aletare, ba nto bea patsi hodima wona.

8Ba bee ditho tsa phoofolo eo, le hlooho, le mohlehlo, hodima patsi e tukang, mollong o hodima aletare.

9Empa dikahare tsa yona le ditlhako tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle aletareng, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.

10“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le e tswang mohlapeng wa dinku kapa wa dipodi, hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha.

11A e hlabele kapele ho Morena e le ka lehlakoreng la aletare le ka leboya. Baprista, e leng bara ba Arone, ba foke mahlakore wohle a mane a aletare ka madi a yona.

12Motho eo a e tshele, moprista a bee ditho tsa phoofolo eo, le hlooho le mohlehlo, hodima patsi e tukang, mollong o hodima aletare.

13Empa dikahare tsa yona le ditlhakwana tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle hodima aletare, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.

14“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso eo a nyehellang Morena ka yona, e le nonyana, e be leebanakgorwana kapa ledinyane la leeba.

15Moprista o tla le tlisa aletareng, a le sothe molala, a tjhesetse hlooho ya lona hodima aletare. Madi a lona a dutlisetswe lehlakoreng la aletare.

16A le hlothe masiba, a ntshe kila, tsena a di lahlele ka lehlakoreng la aletare le ka botjhabela, moo ho qhallwang molora teng.

17A tshware mapheo a lona, a le rale, feela a sa le kgekgethe; ebe moprista o le tjhesetsa hodima aletare, hodima patsi e tukang, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.’ ”

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help