DIPESALEMA 41 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thapelo ya mokudi

1Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2Ho lehlohonolo

ya hlokomelang mofutsana;

Morena o tla mo lopolla,

a mo lopolle mohla tsatsi la tlokotsi.

3Morena o tla mo sireletsa,

a mo phedise hamonate lefatsheng;

a ke ke a tlohella dira tsa hae

ho etsa borata ka yena.

4Morena o tla mo thusa

diphateng tsa lefu,

a nne a fetole diphate tsa hae,

a di fetole ha a ntse a kula.

5Ha e le nna ke ile ka re:

“Morena, nkgauhele,

mphodise hobane ke o sitetswe.”

6Dira tsa ka di tla mpua hampe, di re:

“O tla shwa neng,

lebitso la hae le tswe le fela?”

7Ha motho a tlilo mpona,

o bua mafeela,

pelo ya hae e rwalla tse mpe,

tseo etlare hoba a tswe,

a tsamaye a di hasanya.

8Bohle ba ntlhoileng

ba bokanela ho ntsheba,

ba ntherela bomadimabe.

9Ba re: “O kenwe ke lefu le lebe,

o rapaletse, a ke ke a hlola a tsoha.”

10Esita le motswalle

wa hlooho ya kgomo,

eo ke ntshanang se inong le yena,

o nthahile ka serethe.

11Empa wena Morena,

ako nkgauhele, o ntsose,

ke tle ke ba buseletse.

12Ka hona ke tla tseba

hore o kgahlwa ke nna,

ha sera sa ka

se se se sa ithorisetse nna.

13O tla mpoloka ke se na kodi,

o mpee kapela hao kamehla.

14Ho bokwe Morena,

Modimo wa Iseraele,

kamehla yohle,

e se nang qaleho le qetello.

Amen. Amen.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help