MORUTI 4 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Ho sebeletsa lelea

1Ka boela ka nahana, mme ka bona diketso tsohle tsa kgatello tse etswang mona lefatsheng:

Ka bona meokgo ya ba hatellwang,

feela bona ba se na motshedisi;

bahatelli ba bona

ba ena le matla,

feela ba hatellwang

ba se na motshedisi.

2Kahoo ka lebohela

ba seng ba shwele,

ho ena le bana

ba ntseng ba phela.

3Bobedi ba fetwa

ke ya eso tswalwe,

ya eso ka ba a bona bokgopo,

bokgopo bo etswang mona lefatsheng!

4Ka hlokomela hore boikitlaetso bohle le katleho yohle, di tswalwa ke ho honohelana ha batho. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.

5Sethoto se phutha matsoho a sona,

mme se ipolaye ka bosona.

6Seatla se le seng

se fupereng kgotso

se feta tse pedi

tse tshwereng ka thata,

tse lelekisang moya feela.

Ba babedi ba feta ya mong

7Yaba ke boela ke bona mafeela mona lefatsheng:

8Motho ya mong to! ka monwana,

ke eo,

ha a na mora, ha a na ngwanabo,

o sebetsa ka thata a sa kgaotse,

le yena ka boyena

ha a kgotsofalle leruo la hae.

Jwale o a ipotsa:

“Ke sebeletsa mang,

ha ke itima tsa boithabiso?”

Le hona ke lefeela,

ke ho sebeletsa lelea!

9Ba babedi ba feta ya mong,

moputso wa bona o a hlamatseha.

10Ha e mong a ewa,

e mong o a mo tsosa;

ho madimabe ya wang

ho se na mothusi!

11Ba babedi ba a futhumatsana

ha ba kopanetse dikobo;

ya robetseng a le mong

a ka futhumala jwang?

12Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata,

thapo e kgwele di tharo

e dieha ho kgaoha.

13Mohlankana ya futsanehileng, empa a le bohlale, o feta kgosi e tsofetseng, e sethoto, e seng e sa tsebe le ho mamela dikeletso.

14Mohlomong mohlankana eo o tswa tjhankaneng ho tla ba kgosi, kapa ebe o tswaletswe bofutsaneng, empa a tswallwa mmusong oo e tla ba wa hae.

15Ke bone batho bohle ba phelang mona lefatsheng, ba tsamayang le mohlankana ya tla hlahlama kgosi.

16Batho bao kgosi e tla ba busa ha ba na palo, empa le yona kgosi ha e se e fetile e ke ke ya thabelwa ke ba tla e hlahlama. Ruri le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisana le moya feela.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help