1 DIKETSAHALO 14 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Mesebetsi ya Davida ha a le Jerusalema(2 Sam. 5:11,12)

1Jwale kgosi Hirame wa Tire a romela maqosa ho Davida; a ba a mo romella le mapolanka a kedare, le dibetli tsa majwe le tsa mapolanka, ho ya mo hahela ntlo.

2Davida a elellwa hore Morena o mo tsitsisitse bokgosing ba Iseraele, hobane puso ya hae e ile ya atlehiswa haholo, ka baka la setjhaba sa hae sa Iseraele.

Bana ba Davida ba tswaletsweng Jerusalema(2 Sam. 5:13-16; 1 Dik. 3:5-9)

3Davida a boela a nyala basadi ba bang hape ha a le Jerusalema, mme a tswala bara le baradi ba bang ba bangata.

4Ana ke mabitso a bana ba Davida, bao a ileng a ba tswala ha a le Jerusalema: Shamua, le Shobabe, le Nathane, le Solomone,

5le Jibehare, le Eleshua, le Elepalete,

6le Noga, le Nefege, le Jafia,

7le Eleshama, le Beleada, le Elefelede.

Bafilesita ba a hlolwa(2 Sam. 5:17-25)

8Ha Bafilesita ba utlwa hore Davida o tlotsitswe hore e be kgosi ya naha ya Iseraele, ba futuha ho ya mo tsoma. Davida a utlwela, mme a ya ba kgahlanyetsa.

9Bafilesita ba tla, ba fihla ba shatamana ka kgohlong ya Refaime.

10Yaba Davida o botsa Morena, o re: “Na nka futuhela Bafilesita? Na o tla neelana ka bona matsohong a ka?”

Morena a re ho yena: “Futuha, hobane ke tla neelana ka bona matsohong a hao.”

11Yaba Davida o ba futuhela ha ba le Baale-Perasime, mme a ba hlolela hona moo. Jwale Davida a re: “Modimo o phunyeleditse theko ya dira tsa ka ka letsoho la ka, jwaloka metsi ha a phatlola lerako.” Ka baka leo, ba rea sebaka seo lebitso la Baale-Perasime.

12Bafilesita ba siya medimo ya bona hona moo, mme Davida a laela hore e tjheswe.

13Bafilesita ba boela ba shatamana ka kgohlong.

14Ka baka leo, Davida a boela a botsa Modimo, mme Modimo a re ho yena: “O se ke wa ba futuhela o ba setse morao; o ba pote ka nqane, o ba futuhele o hlaha ka difateng tsa monokotshwai.

15E tle ere ha o utlwa mohlwathatsa hodima difate tsa monokotshwai, ebe o a futuha, hobane Modimo o tla be a o eteletse pele ho ya bolaya lebotho la Bafilesita.”

16Ka baka leo, Davida a etsa kamoo Modimo a mo laetseng kateng, mme Baiseraele ba phaladisa lebotho la Bafilesita ho tloha Gibeone, ho ya fihla Gesere.

17Botumo ba Davida ba phatlalla le dinaha tsohle, mme Morena a etsa hore ditjhaba tsohle di mo tshabe.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help