DIPESALEMA 57 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thapelo ya ho ikopela thuso

1Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Ke ya mohla Davida a neng a etswa lehaheng, a baleha Saule.

2Nkgauhele, oho, Modimo nkgauhele,

hobane ke tshabela ho wena.

Ke tshabela moriting

wa mapheo a hao,

ho fihlela koduwa e ba e feta.

3Ke ipiletsa ho Modimo,

Ya Hodimodimo,

yena Modimo ya nketsetsang tsohle.

4A le mahodimong, a ke a nthusetse;

a ferekanye ya nkgatakelang.

Modimo a ntshitse

ka mohau wa hae,

a mpontshe botshepehi ba hae.

5Ke dutse hara ditau

tse harolang batho;

meno a tsona

a ka marumo le metsu,

maleme a tsona

a ka sabole tse bohale.

6Modimo, bontsha hore

o okametse mahodimo,

tlotla ya hao

e phahamele lefatshe lohle.

7Ba tjhehile maoto a ka ka leraba,

mme moya wa ka o siame;

ba ntjheketse lemena,

empa ke bona

ba wetseng ka ho lona.

8Pelo ya ka e matlafetse, Modimo,

pelo ya ka e matlafetse;

ke tla bina, ke o roke.

9Tsoha, moya wa ka;

tsohang, lona thomo le harepa;

ke tla tsoha mafube a eso hlahe.

10Morena, ke tla o boka hara ditjhaba,

ke o roke hara merabe;

11hobane mohau wa hao o moholo,

o fihla mahodimong,

le botshepehi ba hao

bo fihla marung.

12Modimo, bontsha hore

o okametse mahodimo,

tlotla ya hao

e phahamele lefatshe lohle.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help