DIPESALEMA 67 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Thapelo ya ho leboha kotulo

1Pesalema. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Sefela.

2Modimo ako re hauhele,

o re hlohonolofatse,

o re bontshe sefahleho,

fahleho se kganyang kgotso.

3Ditsela tsa hao

di ke di tsejwe lefatsheng,

ditjhaba tsohle di tsebe

hore o a pholosa.

4Ditjhaba di ke di o boke,

wena Modimo,

ditjhaba tsohle di o boke.

5Merabe e ke e thabe, e etse ditlatse,

hobane o ahlola ditjhaba ka toka;

ke wena motsamaisi

wa merabe lefatsheng.

6Ditjhaba di ke di o boke,

wena Modimo,

ditjhaba tsohle di o boke.

7Lefatshe le bile le tjhai e kgolo,

Modimo, Modimo wa rona,

o re hlohonolofaditse!

8Modimo o re hlohonolofaditse,

a tshajwe ke bohle lefatsheng,

ho isa dipheletsong tsa lona.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help