HOSEA 3 - Sesotho 1989 Translation (Standard Orth)(SSO89SO)

Hosea o boelana le mosadi wa hae

1Morena a re ho nna: “Eya, o boelane le mosadi wa hao, le hoja a se a ratana le monna e mong, e se e le sefebe. O mo rate jwalokaha Morena a rata bana ba Iseraele, le hoja ba sebeletsa medimo esele, mme ba e nyehella ka diphaphatha tsa mangangajane a morara.”

2Yaba ke a mo lata, ke lefa silefera e boima ba dikeramo tse ka bang lekgolo le mashome a supileng, le dikilokeramo tse lekgolo le mashome a mahlano tsa harese.

3Ka re ho yena: “O tla dula le nna nako e telele, o sa iketse seotswa kapa mosadi wa monna e mong; kahoo le nna ke tla ba wa hao.”

4Bana ba Iseraele le bona ba tla qeta nako e telele ba se na kgosi kapa kgosana; ba se na sehlabelo kapa sefika seo ba se kgumamelang, ba se na setipe kapa medingwana ya lelapa.

5Kamora moo bana ba Iseraele ba tla kgutla, ba batle Morena Modimo wa bona, le Davida, kgosi ya bona. Qetellong ba tla kgutlela ho Morena ba ntse ba tlakasela, mme ba amohele mahlohonolo a hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help