Tshenolo 22 - The New Testament in Sotho(SothoNT)

Tshenolo 22

1La mpontsha noka e hlwekileng ya metsi a bophelo, e benyang jwaloka lehakwe, e tswang teroneng ya Modimo le ya Konyana.

2Mahareng a lepatlelo la wona, le mose o kwano ho noka, ho ne ho le sefate sa bophelo, se behang mefuta e leshome le metso e mmedi, se behang ditholwana tsa sona kgwedi le kgwedi; lichaba.

3Ha ho sa tla hlola ho eba le thohako, empa terone ya Modimo le ya Konyana e tla ba ho wona; mme bahlanka ba hae ba tla mo sebeletsa;

4Ba tla bona sefahleho sa hae; mme lebitso la hae le tla ba diphatleng tsa bona.

5Mme ha ho sa tla hlola ho eba bosiu teng; mme ha ba hloke lebone, leha e le lesedi la letsatsi; hobane Morena Modimo o ba bonesetsa: mme ba tla busa kamehla le mehla.

6Yaba o re ho nna: Ditaba tsena di a tshepeha, ke tsa nnete;

7Bona, ke tla kapele: ho lehlohonolo ya bolokang dipolelo tsa boporofeta ba buka ena.

8Nna Johanne ke bone taba tseo, ya di utlwang. Eitse hobane ke utlwe, ke bone, ka itihela fatshe ho kgumama pela maoto a lengeloi le mpontshang taba tseo.

9Yaba o re ho nna: O se ke wa etsa jwalo, hobane ke mohlanka mmoho le wena, le wa banabeno ba baporofeta, le wa ba bolokang dipolelo tsa buka ena;

10A re ho nna: O se ke wa kwahela dipolelo tsa boporofeta ba buka ena, hobane nako e se e le haufi.

11Ya sa lokang a a nne a etse tse sa lokang, ya ditshila a nne a itshilafatse, ya lokileng a nne a etse ho loka, le ya halalelang a nne a halalele.

12Mme bona, ke tla kapele; mme moputso wa ka o ho nna, ho putsa e mong le e mong kamoo mosebetsi wa hae o tla ba kateng.

13Ke ’na Alfa le Omega, qalo le qetello, oa pele le oa morao.

14Ho lehlohonolo ba etsang melao ya wona, hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ho kena motseng ka dikgoro.

15Ka ntle ho na le dintja, le baloi, le dihlola, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le mang kapa mang ya ratang leshano le a le etsang.

16Nna, Jesu, ke romile lengeloi la ka ho le pakela taba tseo hara dikereke. Ke ’na motso le leloko la Davida, naleli e khanyang ea meso.

17Mme Moya le monyaduwa ba re: Tlo! Mme ya utlwang a re: Tlo! Le ya nyorilweng a a tle. Mme ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.

18Hobane ke pakela e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsa boporofeta ba buka ena, ke re: Ekare ha motho a ka di ekeletsa, Modimo o tla mo ekeletsa ka dikotsi tse ngodilweng bukeng ena.

19Mme ekare ha motho a ka tlosa mantswe a buka ya boporofeta boo, Modimo o tla tlosa kabelo ya hae bukeng ya bophelo, le motseng o halalelang, le ho tse ngodilweng bukeng ena.

20Ya pakang taba tseo o re: Ruri, ke tla kapele. Amen. Leha ho le jwalo, tloo, Morena Jesu.

21Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona bohle. Amen.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help