1 BaThesalonika 3 - The New Testament in Sotho(SothoNT)

1 BaThesalonika 3

1Ka baka leo, ha re sa kgone ho mamella, ra bona ho le molemo ho siuwa Athene re nnotshi;

2ra roma Timothea, ngwaneso, mosebeletsi wa Modimo, mosebeletsi wa rona Evangeling ya Kreste, ho le tiisa, le ho le tshedisa ka baka la tumelo ya lona.

3hore ho se be motho ya sisinngwang ke dihloreho tsena, hobane le a tseba hore ke tsona tse reretsweng tsona.

4Hobane kannete, mohla re sa na le lona, re kile ra le bolella pele hore re tla hloriswa; jwalokaha ho etsahetse, le lona le a tseba.

5Ka baka leo, ha ke sa kgone ho mamella, ke ile ka romela ho tseba tumelo ya lona, esere mohlomong Moleki a le lekile, mme mosebetsi wa rona wa fetoha lefeela.

6Empa jwale, ha Timothea a etswa ho lona, a tla ho rona, a re tlisetsa molaetsa o molemo wa tumelo ya lona le lerato la lona, le hore le ntse le re hopola hantle ka mehla, le hlolohetswe haholo ho re bona jwalokaha le rona re le bona.

7Ka baka leo, bana beso, re tshedisitswe ke lona mahlomoleng wohle le matshwenyehong a rona ka tumelo ya lona.

8Hobane jwale re a phela, ha le ema le tiile Moreneng.

9Hobane re ka busetsa teboho efe ho Modimo bakeng sa lona, ka thabo yohle eo re e thabelang ka baka la lona pela Modimo wa rona?

10Bosiu le motsheare re ntse re rapela ka matla hore re bone sefahleho sa lona, mme re tle re phethe tse haellang tumelong ya lona?

11Jwale Modimo, Ntata rona, le Morena wa rona Jesu Kreste, a ke a lokise tsela ya rona ho tla ho lona.

12Morena a ke a le hodise, le a le atise leratong la ho ratana le ho batho bohle, jwalokaha le rona re le etsa ho lona.

13A tle a tiise dipelo tsa lona, le hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang le bahalaleli bohle ba hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help