Johanne 3 1 - The New Testament in Sotho(SothoNT)

3 Johanne 1

1Nna moholo ke ngolla Gaiase, moratuwa, eo ke mo ratang nneteng.

2Moratuwa, ke rata hore o atlehe dinthong tsohle, mme o phele hantle, jwalokaha moya wa hao o atlehile.

3Hobane ke ile ka thaba haholo ha baena ba tlile, mme ba paka ka nnete e ho wena, kamoo o tsamayang nneteng kateng.

4Ha ho letho le nthabisang ho feta ho utlwa hore bana ba ka ba tsamaya nneteng.

5Moratuwa, o etsa ka botshepehi tsohle tseo o di etsang ho baena le baditjhaba;

6ba pakileng tsa lerato la hao pela kereke;

7Ka baka la lebitso la hae, ba ile ba tswa, ba sa nke letho ho baditjhaba.

8Ka baka leo, rona re tshwanetse ho amohela ba jwalo, hore re tle re be bathusi ba nnete.

9Ke ile ka ngolla phutheho, empa Diotrefe, ya ratang ho ba wa pele hara bona, ha a re amohele.

10Ka baka leo, ekare ha ke etla, ke tla hopola diketso tsa hae tseo a di etsang, ha a re nyefola ka dipolelo tse lonya;

11Moratuwa, o se ke wa latela se sebe, o mpe o latele se molemo. Ya etsang botle ke wa Modimo, empa ya etsang bobe ha a eso bone Modimo.

12Demetriase o pakoa ke bohle, le ke ’nete ka boeona; mme le a tseba hore bopaki ba rona ke ba nnete.

13Ke ne ke e-na le lintho tse ngata tseo nka u ngollang tsona, empa ha ke rate ho u ngolla ka pene.

14Empa ke tshepile hore ke tla o bona kapele, mme re tla bua re shebane.

15Kgotso e be ho wena. Metswalle ya rona e a o dumedisa. Lumelisa metsoalle ka mabitso.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help