Tshenolo 6 - The New Testament in Sotho(SothoNT)

Tshenolo 6

1Ka bona ha Konyana e manolla e nngwe ya ditiiso, mme ka utlwa se seng sa dibupuwa tse phelang tse nne se re: “Tloo o bone!”

2Ka tadima, ka bona pere e tshweu, mme ya e kaletseng a tshwere seqha; mme a newa moqhaka: mme a tloha e le ya hlolang, le ho hapa.

3Eitse hobane e manolle tiiso ya bobedi, ka utlwa sebopuwa se phelang sa bobedi se re: Tloo.

4Mme ha tswa pere e nngwe e kgubedu, mme ya e kaletseng a newa matla a ho tlosa kgotso lefatsheng, le hore batho ba bolayane, mme a newa sabole e kgolo.

5Eitse hobane e manolle tiiso ya boraro, ka utlwa sebopuwa se phelang sa boraro se re: Tloo o bone. Ka tadima, ka bona pere e ntsho; mme ya e kaletseng o ne a tshwere sekala letsohong la hae.

6Ka utlwa lentswe le le mahareng a dibopuwa tse phelang tse nne, le re: Kgala ya koro ka denare, le tekanyo tse tharo tsa harese ka denare; mme o se ke wa senya ole le veine.

7Eitse hobane e manolle tiiso ya bone, ka utlwa lentswe la sebopuwa se phelang sa bone, le re: Tloo o bone.

8Yaba ke a tadima, ka bona pere e tshehla, mme ya e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, mme Dihele tsa latela le yena. Mme ba newa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe, ho bolaya ka sabole, le ka tlala, le ka lefu, le ka dibatana tsa lefatshe.

9Eitse hobane e manolle tiiso ya bohlano, ka bona katlasa aletare meya ya ba bolailweng ka baka la lentswe la Modimo, le bopaki boo ba neng ba na le bona.

10Ba howa ka lentswe le leholo, ba re: Morena ya halalelang, wa nnete, ho fihlela neng, o sa ahlolele ba ahileng lefatsheng madi a rona?

11E mong le e mong a newa diaparo tse tshweu; mme ba bolellwa hore ba phomole ho se hokae, ho fihlela ho phetheha bahlanka ba bang le bona, le banababo bona, ba neng ba tla bolawa jwaloka bona.

12Ka tadima ha e manolla tiiso ya botshelela, mme, bonang, ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe; letsatsi la fifala jwaloka lesela la mokotla le boya, mme kgwedi ya eba jwaloka madi;

13Dinaledi tsa lehodimo tsa wela lefatsheng, jwalokaha sefate sa feiye ha se hlohlora difeiye tsa sona, ha se tsokotswa ke moya o matla.

14Lehodimo la tloha jwaloka moqolo ha o phuthwa; mme dithaba tsohle le dihlekehleke tsohle tsa tloswa tulong tsa tsona.

15Mme dikgosi tsa lefatshe, le ba baholo, le balaodi ba mabotho, le barui, le ba matla, le mohlanka e mong le e mong, le batho bohle ba lokolohileng, ba ipata mengoting le mafikeng a dithaba.

16ba re ho dithaba le mafika: Re weleng hodimo, le re pate sefahlehong sa ya dutseng teroneng, le kgalefong ya Konyana.

17Hobane letsatsi le leholo la kgalefo ya wona le fihlile; mme ke mang ya ka emang?

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help