BaHebheru 3 - The New Testament in Sotho(SothoNT)

BaHeberu 3

1Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ele hloko Moapostola le Moprista e Moholo wa tumelo ya rona, Jesu Kreste.

2Ya neng a tshepahala ho ya mmeileng, jwalokaha Moshe a ne a tshepahala tlung ya hae yohle.

3Hobane yena o kailwe a lokelwa ke kganya e fetisang ya Moshe, jwalokaha ya hahileng ntlo a hlomphuwa ho feta ntlo.

4Hobane ntlo e nngwe le e nngwe e hahuwa ke motho; empa ya hahileng dintho tsohle ke Modimo.

5Moshe o ne a tshepeha ka tlung yohle ya hae jwaloka mohlanka, e le bopaki ba tse neng di tla bolelwa;

6Empa Kreste jwaloka Mora hodima ntlo ya hae; yo re leng ntlo ya gagwe, fa re ngangatlela boikanyego le boipelo jwa tsholofelo ka nitamo go ya bokhutlong.

7Ka baka leo, jwalokaha Moya o Halalelang o bolela, wa re: Kajeno, ha le utlwa lentswe la wona,

8Le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, jwaloka mohla moferefere, mohla letsatsi la moleko feelleng.

9Ha bontata lona ba nteka, ba nteka, mme ba bona mesebetsi ya ka ka dilemo tse mashome a mane.

10Ka baka leo, ka swaba ke moloko oo, ka re: Ba ntse ba kgeloha dipelong tsa bona; mme ha ba ka ba tseba ditsela tsa ka.

11Ke moo ke hlapanyeditseng kgalefong ya ka, ka re: Ba ke ke ba kena phomolong ya ka.

12Banabeso, iponeleng, esere mohlomong ho e mong wa lona ho ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, ya ho furalla Modimo o phelang.

13Le mpe le kgothatsane ka tsatsi le leng le le leng, ha ho sa ntse ho bitswa Kajeno; esere mohlomong e mong wa lona a ithatafatsa ka thetso ya sebe.

14Hobane re ba le kabelo ho Kreste, ha re ka tiya tshimoloho ya tshepo ya rona ho isa qetellong;

15Ho sa ntse ho itswe: Kajeno, ha le utlwa lentswe la hae, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, jwalokaha le halefisa.

16Hobane ba bang, ha ba utlwa, ba phephetsa, empa hase bohle ba tsoileng Egepeta ka Moshe.

17Empa ke bo-mang bao a ileng a ba hlonamela ka lilemo tse mashome a mane? A e ne e se ba ba neng ba leofa, ba ditoto tsa bone di neng tsa wela mo nageng?

18Ke bomang bao a ba hlapanyeditseng hore ba ke ke ba kena phomolong ya hae, haese ba sa kang ba dumela?

19Kahoo rea bona hore ha baa ka ba khona ho kena ka lebaka la ho se lumele.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help