Baefese 5 - The New Testament in Sotho(SothoNT)

Baefese 5

1Ka moo he, nnang baetsi ba Modimo, jwaloka bana ba ratehang;

2Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.

3Empa ha e le bofebe, le ditshila tsohle, le takatso ya moruo, ho se ke ha bolelwa le ka mohla hara lona, kamoo ho tshwanelang bahalaledi kateng;

4Leha e le ditshila, le puo ya bowatla, leha e le mesoaso, tse sa tshwanelang, empa ho mpe ho be le teboho.

5Hobane le a tseba hore ha ho sehlola, leha e le ya ditshila, leha e le motho ya meharo, e leng morapeli wa medimo ya bohata, ya nang le kabelo mmusong wa Kreste le Modimo.

6Ho se be motho ya le thetsang ka dipolelo tsa lefeela;

7Ka baka leo, le se ke la ba le kabelo le bona.

8Hobane le kile la ba lefifi, empa jwale le lesedi Moreneng;

9(Hobane tholwana ya Moya ke molemo wohle le ho loka le nnete;)

10Le lemohe se khahlisang Morena.

11Le se ke la kopanela mesebetsing e sa beheng ea lefifi, le mpe le e nyatse.

12Gobane tše di dirwago ke bona sephiring ke dihlong.

13Empa tsohle tse kgalemelwang di bonahatswa ke lesedi;

14Ke ka baka leo ho thoeng: Tsoha, uena ea robetseng, u tsohe bafung, ’me Kreste o tla u bonesetsa.

15Iponeleng hore le tsamaya ka kelello, e seng jwaloka mawatla, e mpe e be jwaloka ba bohlale.

16Le lopolle nako, hobane matsatsi a khopo.

17Ka baka leo, le se ke la ba mawatla, le mpe le utlwisise seo e leng thato ya Morena.

18Le se ke la tahwa ke veine, moo bohlola bo leng teng; le mpe le tlale Moya;

19le bue le lona ka dipesaleme, le ka dithoko, le ka dipina tsa moya, le binele Morena, le mo rorise ka dipelong tsa lona;

20Le ntse le leboha kamehla Modimo Ntate ka baka la tsohle, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste.

21Le ikokobeletse e mong ho e mong ka ho tshaba Modimo.

22Lona basadi, le ikokobeletse banna ba lona, jwalokaha le ikokobetsa ho Morena.

23Hobane monna ke hlooho ya mosadi, jwalokaha Kreste e le hlooho ya kereke, mme ke Mopholosi wa mmele.

24Ka baka leo, jwalokaha kereke e ikokobeletsa Kreste, basadi le bona ba ikokobeletse banna ba bona jwalo nthong tsohle.

25Lona banna, ratang basadi ba lona, jwalokaha Kreste le yena a ratile kereke, mme a itela ka baka la yona;

26hore a tle a e halaletse, a e hlwekise ka hlatsuo ya metsi ka lentswe;

27e le hore a tle a itlhomele phutheho e khanyang, e se nang letheba, kapa lesokoana, leha e le ntho e joalo; empa e tle e be e halalelang, e se nang sekodi.

28Ka mokgwa o jwalo banna ba tshwanetse ho rata basadi ba bona jwaloka mmele ya bona. Ea ratang mosali oa hae oa ithata.

29Hobane ha ho motho ya kileng a hloya nama ya hae; empa o a e fepa, a e baballe, jwalokaha le yena a etsa kereke;

30Hobane re ditho tsa mmele wa hae, re nama ya hae, le masapo a hae.

31Ka lebaka lena monna o tla tlohela ntatae le mmae, a kgomarele mosadi wa hae, mme bao ba babedi e tla ba nama e le nngwe.

32Sephiri sena ke se seholo, empa ke bolela tsa Kreste le tsa kereke.

33Leha ho le joalo, e mong le e mong oa lōna ka ho khetheha a rate mosali oa hae joalokaha a ithata; le mosadi a hlomphe monna wa hae.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help