1Yaba ke bona lengeloi le theoha lehodimong, le tshwere senotlolo sa mohohlo, le ketane e kgolo letsohong la lona.
2La tshwara drakone, noha ya kgale, e leng Diabolose le Satane, la e tlama ka dilemo tse sekete;
3La e lahlela sekoting, la e kwalla, mme la tiisa hodima yona, hore e se ke ya hlola e kgelosa ditjhaba, ho fihlela dilemo tse sekete di phetheha;
4Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.
5Empa bafu ba bang ha ba ka ba hlola ba phela ho fihlela dilemo tse sekete di phetheha. Ena ke tsoho ya pele.
6Ho lehlohonolo, ho halalela ba nang le kabelo tsohong ya pele; lefu la bobedi ha le na matla hodima ba jwalo, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena ka dilemo tse sekete.
7Etlare hobane dilemo tse sekete di fete, Satane o tla lokollwa teronkong ya hae;
8Mme o tla tswa ho ya kgelosa ditjhaba tse dipheletsong tse nne tsa lefatshe, Gogo le Magogo, ho di bokella ho ya lwana, bao palo ya bona e ka kang lehlabathe la lewatle.
9Ba nyolohela ka bophara ba lefatshe, mme ba dika diahelo tsa bahalaledi, le motse o ratwang, mme mollo wa theoha ho Modimo o etswa lehodimong, wa ba tjhesa.
10Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebata le moporofeta wa bohata ba leng teng, mme ba tla hlokofatswa bosiu le motsheare ka ho sa feleng.
11Ka bona terone e kgolo e tshweu, le ya dutseng hodima yona, eo lefatshe le lehodimo di ileng tsa baleha sefahleho sa hae; mme ha se ke ha fumanwa sebaka bakeng sa bona.
12Ka bona bafu, ba banyenyane le ba baholo, ba eme pela Modimo; mme dibuka tsa phetlwa: mme buka e nngwe ya phetlwa, e leng buka ya bophelo: mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, ho ya ka mesebetsi ya bona.
13Lewatle la ntsha bafu ba ho lona; mme lefu le nqalo ya bafu tsa ntsha bafu ba ho tsona: mme ba ahlolwa e mong le e mong ka mesebetsi ya hae.
14Lefu le dihele tsa akgelwa letsheng la mollo. Lena ke lefu la bobedi.
15Mme e mong le e mong ya sa kang a fumanwa a ngotswe bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.
Who We AreWhat We EelieveWhat We Do
2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.