Tshenolo 2 - The New Testament in Sotho(SothoNT)

Tshenolo 2

1Ngolla lengeloi la kereke e Efese; Ke tsena tse bolelwang ke ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta;

2Ke tseba mesebetsi ya hao, le mokgathala wa hao, le mamello ya hao, le kamoo o sitwang ho mamella ba babe;

3O mameletse, mme o na le mamello, mme ka baka la lebitso la ka o sebeditse ka thata, mme ha o a ka wa kgathala.

4Leha ho le jwalo, ke na le seo ke se nyatsang ho wena, ke hobane o lahlile lerato la hao la pele.

5Hopola moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.

6Empa o na le sena, ke hore o hloile diketso tsa Banikola, tseo le nna ke di hloileng.

7Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang ke tla mo fa ho ja sefate sa bophelo, se kahara paradeise ya Modimo.

8Ngolla lengeloi la kereke ya Smyrna; Ke tsena tse bolelwang ke wa pele le wa morao, ya neng a shwe, mme a phela;

9Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho a hao, le bofutsana ba hao, (empa o ruile), mme ke tseba le dinyefolo tsa ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, empa e le sinagoge ya Satane.

10O se ka wa boifa dilo tse o tla di bogang; bonang, Diabolo o tla latlhela bangwe ba lona mo ntlong ya kgolegelo gore lo lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho ka matsatsi a leshome: o tshepahale ho isa lefung, mme ke tla o nea moqhaka wa bophelo.

11Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang a ke ke a etswa hampe ke lefu la bobedi.

12Ngolla lengeloi la kereke e Pergame; Ke tsena tse bolelwang ke ya tshwereng sabole e leoditsweng ka nqa tse pedi;

13Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo terone ya Satane e leng teng; mme o tiiseditse lebitso la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya ka, mehleng eo Antipase e neng e le paki ya ka e tshepehang, ya ileng a bolawa hara lona, moo Satane a ahileng teng.

14Empa ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena, ke hobane o na le ba kgomaretseng thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, hore ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.

15Le wena o na le ba kgomaretseng thuto ya Banikola, e leng ntho eo ke e hloileng.

16Bakang; ho seng joalo, ke tla tla ho uena kapele, ’me ke tla ba loantša ka sabole ea molomo oa ka.

17Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, mme ke tla mo fa lejwe le lesweu, mme lejweng leo ho ngotswe lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ya le amohelang.

18Ngolla lengeloi la kereke ya Thiatire; Ke tsena tse bolelwang ke Mora wa Modimo, eo mahlo a hae a leng jwaloka kgabo ya mollo, le maoto a hae a leng jwaloka koporo e benyang;

19Ke tseba mesebetsi ya hao, le lerato la hao, le tshebeletso ya hao, le tumelo ya hao, le mamello ya hao, le mesebetsi ya hao; mme ba morao ba tla feta ba pele.

20Leha ho le jwalo, ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena, ke hobane o dumella mosadi eo Jesebele, ya ipitsang moporofeta wa mosadi, ho ruta le ho kgelosa bahlanka ba ka, hore ba etse bohlola, le ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata.

21Ke mo file sebaka sa ho baka bohloleng ba hae; mme ha a ka a baka.

22Bona, ke tla mo lahlela diphateng, mme ba febang le yena ke ba dihele mahlomoleng a maholo, ha ba sa bake diketsong tsa bona.

23Bana ba hae ke tla ba bolaya ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo, mme ke tla nea e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.

24Empa ke re ho lona, le ba bang ba Thiatire, ba se nang thuto eo, ba sa kang ba tseba matebo a Satane, kamoo ba a bolelang kateng; nke ke ka le bea mojaro o mong.

25Empa seo le nang le sona le se kgomaretse ho fihlela ke fihla.

26Ya hlolang, mme a boloka mesebetsi ya ka ho isa qetellong, ke tla mo nea matla hodima ditjhaba.

27O tla di busa ka lere la tshepe; jwaloka dijana tsa mmopi wa dipitsa di tla thujwa, jwalokaha le nna ke amohetse ho Ntate.

28Ke tla mo fa naledi ya meso.

29Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.

Blog
About Us
Message
Site Map

Who We AreWhat We EelieveWhat We Do

Terms of UsePrivacy Notice

2025 by iamachristian.org,Inc All rights reserved.

Home
Gospel
Question
Blog
Help